YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 65

65
Sefela sa teboho
1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.
2Modimo, o lokelwa ke thoriso,
e o lokela o le Sione;
dikano di phethelwa wena,
3wena ya utlwang thapelo.
Batho bohle ba tla tla ho wena,
4ba tle ka baka la dibe tsa bona.
Ha re imetswe ke melato,
wena o a re tshwarela.
5Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng,
wa mo amohela,
hore a tle a ahe mabaleng a hao.
Re tla kgora tse molemo
tsa Ntlo ya hao,
tse halalelang tsa Tempele ya hao.
6O re arabela ka diketso tse hlollang,
diketso tse hlollang tsa toka,
wena Modimo, mopholosi wa rona;
wena o leng tshepo ya bohle
ho isa dipheletsong tsa lefatshe,
le dihlekehlekeng tse hole.
7Ka matla a hao o hlomile dithaba,
o bontsha bonatla ba hao;
8o kgutsisa ho tuduana ha mawatle,
ho tuduana ha maqhubu a wona,
le ho dumaduma ha ditjhaba.
9Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe
ba tshaba dipontsho tsa hao;
o etsa hore bohle ba howe ka thabo,
ho tloha botjhabela
ho isa bophirimela.
10O etela lefatshe, o a le nwesetsa,
o le sitsa ka nala;
noka tsa mahodimo di phename,
ho fa batho dijo.
Ka mokgwa oo o lokisa lefatshe,
11ka ho kolobisa boleme ba masimo,
ho phophotha makwete a wona,
ho nolofatsa mobu
ka pula tsa medupe,
le ho hlohonolofatsa
dijalo tsa wona.
12O rwesa selemo mofapahlooho,
mofapahlooho wa tse molemo tsa hao,
mehlaleng ya hao ke nala feela.
13Makgulo a lehwatata
a tshwetshwetha metsi,
maralla a aparetswe ke thabo.
14Diphula di aparetswe ke mehlape,
dikgohlo di tletse mabele.
Tsena tsohle di howa ka thabo,
di a bina.

Currently Selected:

DIPESALEMA 65: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy