YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 60

60
Setjhaba se kopa thuso ntweng
1Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”. 2Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai.
3Modimo, o re lahlile, o re ripitlile;
o ne o halefile,
empa jwale ako kgutle,
o kgutlele ho rona.
4O reketlisitse lefatshe, wa le petsola;
ako thibe mapatso a lona,
hobane le a qhehemana.
5O bontshitse tjhaba sa hao bothata,
O re nwesitse jwala
bo re tsekedisang.
6O mokgele ho ba o tshabang,
hore ba phonyohe metsu ya sera,
7baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.
Re pholose
ka letsoho la hao le letona,
re pholose, o be o re utlwe.
8Modimo o buile
a le Sehalalelong sa hae,
o buile a le ho sona, a re:
“Ke nyakaletse,
ke tla arola Shekeme,
ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.
9Gileade ke ya ka,
le Manase ke ya ka,
Efraime ke katiba ya ka ya tshepe,
Juda yena ke lere la ka la puso.
10Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa,
leo ke itlhatswetsang ho lona,
Edomo yona ke tla e hapa,
Filesitiya teng
ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”
11Ke mang ya tla nkisa motseng,
motseng wa diqhobosheane?
Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,
12ha e le moo wena, Modimo,
o re lahlile,
o se o sa tswe le mabotho a rona?
13Ako re thusetse direng tsa rona,
hobane thuso ya motho ke lefeela.
14Ka thuso ya Modimo
re tla lwana senna,
ke yena ya tla hatakela dira tsa rona.

Currently Selected:

DIPESALEMA 60: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy