YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 59

59
Modimo ke qhobosheane ya ka
1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Saule a neng a rometse batho ho lebela ntlo ya Davida le ho mmolaya.
2Modimo wa ka,
ako nnamolele direng tsa ka,
o ntshireletse
ho ba ntsohetseng matla.
3Ako nnamolele
ho ba etsang tse kgopo,
o mpholose
ho ba ratang ho tsholla madi.
4Ke bao ba matla ba bokane,
ba ntaletse,
le hoja ke se na molato
kapa sebe, Morena.
5Ba a potlaka, ba itokisetsa nna,
le hoja ke sa etsa phoso;
tsoha, o nkgahlanyetse,
mme o bone.
6Wena Morena,
Modimo wa mabotho,
Modimo wa Iseraele,
tsoha, o otle baditjhaba bohle,
o se ke wa hauhela le ya mong,
le ya mong wa mahlabaphiyo ao.
7Kamehla ba kgutla ka phirimana,
ba rore sa dintja,
ba solle hara motse.
8Ke bao ba bebera haholo,
ka melomong ya bona
ho tswa disabole,
mme ba re:
“Ke mang ya re utlwang?”
9Empa wena Morena, o a ba tsheha,
o soma baditjhaba bohle.
10Wena o leng matla a ka,
ke shebile wena,
hobane Modimo
ke qhobosheane ya ka.
11Modimo ya nkgauhelang
o tla nthusetsa,
Modimo o tla etsa hore
ke telle ba ntaletseng.
12O se ke wa ba bolaya,
esere tjhaba sa heso sa lebala;
o ba qhale ka matla a hao,
o ba dihe,
wena Morena, thebe ya rona.
13Sebe sa bona ke mantswe a bona,
mantswe a tswang
melomong ya bona;
ba tshwaswe
ke boikgohomoso ba bona,
ka baka la dithohako
le wona mashano ao ba a buang.
14Ba fedise ka kgalefo ya hao;
ba fedise, ba se hlole ba eba teng,
ba tle ba tsebe hore
Modimo o a busa,
o busa ntlo ya Jakobo,
ho isa dipheletsong tsa lefatshe.
15Kamehla ba kgutla ka phirimana,
ba rore sa dintja,
ba solle hara motse,
16ba shote, ba batle dijo,
ba komakome ha ba sa kgore.
17Ha e le nna ke tla bina,
ke rorise matla a hao,
e sa le hosasa ke tla bolela,
ke bolele tsa mohau wa hao
ke di bolele ka mehoo ya thabo,
hobane o bile qhobosheane ya ka,
o bile setshabelo sa ka
mohla tsatsi
la matshwenyeho a ka.
18Wena o leng matla a ka,
ke tla o roka,
hobane Modimo
ke qhobosheane ya ka,
ke Modimo ya nkgauhelang.

Currently Selected:

DIPESALEMA 59: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy