YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 39

39
Bophelo ba motho bo feta kapele
1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.
2Ke ile ka re:
“Ke tla hlokomela metsamao ya ka,
ke tle ke se ke ka etsa sebe
ka leleme la ka;
ke tla tshwara leleme la ka
ha ya kgopo a ntse a le pela ka.”
3Ke ne ke kgutsitse jwaloka semumu,
ke thotse;
ka baka la katleho ya hae,
bohloko ba ka ba nna ba tota,
4pelo ya ka ya tlallana,
ha ke ntse ke fehelwa
ka tuka malakabe,
ka ba ka bua, ka re:
5“Morena, ako ntsebise
pheletso ya ka,
le bolelele ba matsatsi a ka;
a nke ke tsebe
hore na bophelo ba ka
bo feta kapele hakaakang!
6Bona, matsatsi a ka o a lekantse,
o a lekantse ka bophara ba seatla,
bolelele ba bophelo ba ka
hase letho mahlong a hao.
Ruri motho ya phelang ke lefeela.
7“Motho ya tsamayang
o ka seriti feela,
maruo ao a ipokellelang wona
ke lefeela;
ha a tsebe
hore na a tla sebediswa ke mang.”
8Jwale, Morena,
ekaba ke sa lebeletseng?
Tshepo ya ka e ho wena.
9Ntopolle ditlolong tsa ka tsohle,
se nketse sesomo ho dithoto.
10Ke jwaloka semumu, ha ke na puo,
hobane ke wena ya sebetsang.
11Mphemise dikotlo tsa hao,
letsoho la hao le nqetile.
12O kgalemela motho ka ho mo otla,
ka ho mo otlela melato ya hae,
o fedisa seo a se ratang
jwalokaha eka se jewa ke tshwele.
Ruri motho ke lefeela.
13Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
o sekehele thapedi ya ka tsebe,
o se hane ho mamela sello sa ka.
Ke mojaki naheng ya hao,
ke mofeti jwaloka bo-ntate.
14Se ntjamele, ke tle ke thabe,
ke eso ikele, mme ka ba siyo.

Currently Selected:

DIPESALEMA 39: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy