YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 22

22
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?
1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.
2Modimo wa ka, Modimo wa ka,
o ntahletseng?
O hole le ho mpholosa,
ha o utlwe ho dumaela ha ka.
3Modimo wa ka,
ke ipiletsa le motsheare,
empa ha o nkarabe;
ke howa le bosiu, ha ke kgutse.
4Athe wena o a halelela,
wena eo Iseraele
a o binelang dithoko.
5Bo-ntata rona ba nnile ba o tshepa;
ba o tshepa, mme wa ba namolela.
6Ba nnile ba o llela,
mme ba phonyoha;
ba o tshepa,
mme ha ba a ka ba hlajwa ke dihlong.
7Empa nna ke seboko, ha ke motho;
ke sekgobo ho bohle,
ke nyediswa ke setjhaba.
8Bohle ba mponang ba a ntshoma,
ba nnyekoletsa melomo,
ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:
9“O tshepile Morena!
A ke a mo lopolle,
a mo pholose haeba a mo rata!”
10Athe ke wena
ya nntshitseng popelong ya mme,
wa etsa hore mme
a ntshike sefubeng sa hae;
11ke abetswe wena
ho tloha tswalong ya ka,
o bile Modimo wa ka
ke sa le popelong ya mme.
12Se be hole le nna,
hobane matshwenyeho a haufi,
mme ha ho ya ka nthusang.
13Dipohwana tse ngata di ntikile,
dipoho tsa ditonana tsa Bashane
di mpokanetse;
14dira di mpetletse meno,
jwaloka tau tse purumang,
tse harolang.
15Ke jwaloka metsi a tsholohang,
masapo a ka a tswenehile;
pelo ya ka e jwaloka tshotso,
e qhibidiha ka sefubeng sa ka;
16mmetso wa ka
o omeletse jwaloka lengetana,
leleme la ka
le kgomaretse mahalapeng a ka.
O nthobaditse leroleng la lefu.
17Dintja tse ngata di ntikile,
sehlopha sa dinokwane
se ntikanetse,
tsena di ntlepotse maoto le matsoho.
18Nka bala masapo a ka kaofela.
Batho ba ntjhebile, ba mmakaletse;
19ba arolelana diaparo tsa ka,
ba laola aparo sa ka ka lotho.
20Empa wena Morena,
o se be hole le nna;
wena, matla a ka,
potlakela ho nthusa.
21Pholosa bophelo ba ka saboleng;
ke bona feela,
bo pholose marong a ntja.
22Mpholose ditleneng tsa tau;
nna ya fokolang
mpholose nakeng tsa dinare.
23Ke tla tumisa lebitso la hao
hara bana beso,
ke o rorise hara phutheho, ke re:
24“Lona ba hlomphang Morena,
mo roriseng;
lona ditloholo tsohle tsa Jakobo,
mo tlotliseng;
lona ditloholo tsohle tsa Israele,
mo tshabeng.
25“Ha a a ka a nyedisa ya hlophehileng,
leha e le ho se tsotelle
bohlophehi ba hae;
ha a a ka a mo patela fahleho sa hae,
empa o ile a utlwa ha a mo llela.”
26Ke tla o rorisa phuthehong e kgolo,
kapele ho ba o hlomphang,
ke phethe dikano tsa ka.
27Ba eisehang ba tla ja, ba kgore,
ba batlang Morena ba tla mo rorisa;
pelo tsa bona
di ke di thabe kamehla.
28Lefatshe ka bophara ba lona
le hopole Morena,
le ke le kgutlele ho yena;
merabe yohle ya lefatshe e itihele,
e ke e itihele maotong a hae;
29hobane puso ke ya Morena,
mme o rena hodima ditjhaba.
30Bohle ba nang le matla lefatsheng
ba tla itihela maotong a hae;
bohle ba fellang leroleng
ba tla mo kgumamela.
Nna ke tla phelela yena;
31ditloholo tsa ka di tla mo sebeletsa.
Meloko e tlang
e tla tsebiswa Morena,
32setjhaba se esong ho tswalwe
se tla senolelwa ho loka ha hae:
Ona ke mosebetsi wa Morena.

Currently Selected:

DIPESALEMA 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy