YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 20

20
Morena, ako nee kgosi tlholo
1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Morena a ke a o arabe
tsatsing la matshwenyeho,
lebitso la Modimo wa Jakobo
le o sireletse.
3A ke a o thuse a le Sehalalelong,
a o tshehetse a le Sione.
4A ke a hopole
dinyehelo tsohle tsa hao,
a thabele ditjheso tsa hao.
5A ke a o fe
se ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.
6Re ke re etsetse
tlholo ya hao ditlatse,
re phahamise mekgele
ka lebitso la Modimo,
bitso la Modimo wa rona.
Morena a ke a phethahatse
dikopo tsohle tsa hao.
7Jwale ke a tseba
hore Morena o nea tlholo,
o e nea Motlotsuwa wa hae,
o mo arabela a le sehalalelong,
a le sehalalelong sa hae
sa lehodimo.
O mo arabela ka ketso
tse pholosang,
ketso tsa letsoho la hae le letona.
8Ba bang ba tshepile kariki tsa ntwa,
ba bang ba tshepile dipere,
empa rona re tshepile
lebitso la Morena,
lebitso la Morena Modimo wa rona.
9Bona ba tla kgothometseha, ba we,
empa rona re tla ema re tiile.
10Morena, ako nee kgosi tlholo;
re arabele ha re ipiletsa ho wena.

Currently Selected:

DIPESALEMA 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy