YouVersion Logo
Search Icon

DIPESALEMA 10

10
Thapelo ya ho ikopela thuso
1Morena, o emelang hole hakaalo?
O ipatelang
nakong ya matshwenyeho?
2Ya kgopo o a ikgantsha,
o befetse ya hlophehileng;
a ke a tshwaswe
ke mano ao a a lohileng.
3Ya kgopo o ithorisa
ka merero ya hae e mebe,
ya meharo o rohaka Morena,
o a mo nyedisa.
4Ya kgopo o swenya dinko, o re:
“Modimo ha a phetetse,
ha ho na Modimo.”
Ke phetho seo a se nahanang.
5Kamehla o atleha mererong ya hae,
dikahlolo tsa hao di mo phahametse,
dira tsa hae tsohle
o di tadima maotong.
6Ka pelong ya hae o re:
“Nke ke ka sisinngwa ke letho,
nke ke ka hlahelwa ke bobe
le ka mohla.”
7Molomong wa hae ho tswa ditlhapa,
le mashano le bomenemene,
lelemeng la hae
ho maname bolotsana,
ho maname le bona bokgopo.
8O dula a laletse pela metsana,
o bolaya ba se nang molato,
o ba bolaya a ipatile.
Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng,
9o lalla jwaloka tau
e bothile selaong sa yona;
o lalla jwalo
hore a tle a qhautse mohlophehi,
a mo qhautse
ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.
10O a qatjhama, a batalle;
ya tsielehileng
a wele marong a hae.
11Ka pelong ya kgopo o re:
“Modimo o a lebala,
o ipatile sefahleho,
a ke ke a bona letho le kgale.”
12Thusa, Morena! Oho, Modimo,
itokisetse ho otla;
o se ke wa lebala bahlophehi.
13Ya kgopo o nyedisetsang Modimo,
ka pelong ya hae a re:
“A ke ke a phetetsa?”
14Athe wena o bona bomadimabe
le mahlomola;
o a di lemoha, mme o a di laola.
Ya tsielehileng o tshepile wena,
ke wena mothusi wa dikgutsana.
15Robokela ya kgopo le e mobe,
o phetetse bokgopo ba hae
bo fele tu!
16Morena ke kgosi kamehla le mehla,
baditjhaba ba fedile naheng ya hae.
17Morena, o utlwile takatso
tsa ba eisehang,
o ba matlafatsa dipelo,
o ba sekehela tsebe,
18ho ahlolela kgutsana
le ya hatellwang,
hore motho wa lefatshe
a se hlole a tshosa ba bang.

Currently Selected:

DIPESALEMA 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy