YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 4

4
Melemo ya bohlale
1Bana, mamelang thuto,
thuto ya ntata lona,
le e ele hloko,
e tle le ruise kutlwisiso.
2Ke le nea thuto ya sebele,
se e furalleng ke hona.
3Ha ke ne ke le ngwana
ya ratwang ke ntatae,
ngwana ya mong feela,
sebokotswa-ke-mmae,
4ntate a na nthuta, a re:
“Polelo tsa ka
di se tlohe pelong ya hao,
boloka taelo tsa ka o tle o phele.
5Iphumanele bohlale,
iphumanele kutlwisiso,
se lebale polelo tsa ka,
o se di kgelohe;
6se furalle bohlale, bo tla o sireletsa;
bo rate, bo tle bo o lebele.
7Bo kahodimo ho tsohle,
iphumanele bona,
ka tsohle tseo o nang le tsona,
o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
8Bo thoholetse, bo tla o phahamisa;
ha o bo kgomarela bo tla o tlotla.
9Bo tla kgabisa hlooho ya hao,
bo e kgabise
ka moqhaka o bohehang,
bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.”
10Mora wa ka, mamela,
o amohele polelo tsa ka,
lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.
11Ke o rutile tsela tsa bohlale,
ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.
12Ha o tsamaya
o ke ke wa sitiswa ke letho,
ha o matha o ke ke wa kgoptjwa.
13Tshwara thuto ena, o e mamarele,
o e dise ka thata,
ke yona bophelo ba hao.
14Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo,
se tsamaye tseleng ya baetsadibe.
15E kgese, o be o e kwekwetle;
e kgelohe, o ikele ka tsela ya hao.
16Ha ba sa etse bokgopo
ha ba robale,
ba fadimehiswa
ke takatso ya ho bolaya.
17Ba ja bohobe ba bokgopo,
ba nwe veine ya meferefere.
18Tsela ya ba lokileng
e ka mafube a meso,
kganya ya yona e eketseha,
ho fihlela hara mpa motsheare.
19Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho,
ha ba tsebe se ba kgothometsang.
20Mora wa ka,
mamela mantswe ana a ka,
o sekehele polelo tsa ka tsebe.
21Polelo tsa ka o se di lebale,
o di boloke ka pelong ya hao;
22ke bophelo ho ba di amohelang,
di phedisa mmele ya bona hamonate.
23Baballa pelo ya hao,
e baballe ho feta tsohle,
hobane ke yona diba sa bophelo.
24Se bue leshano ka molomo wa hao,
puo tse thetsang
di se tswe ka hanong la hao.
25Mahlo a hao
a tadime kapele ho wena,
dintshi tsa hao di se ke tsa panya.
26Qamaka ka hloko
moo o hatang teng,
tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
27Se kgelohele ka ho le letona
kapa ka ho le letshehadi,
mehato ya hao
e o phemise bokgopo.

Currently Selected:

MAELE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy