YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 28

28
1Ya kgopo o baleha
a sa phaladiswe ke motho,
ba lokileng
bona ba sebete jwaloka tau.
2Tjhaba ha se le kgopo
se hlahlamanya babusi,
empa toka e hlaha
ka ya nang le bohlale le tsebo.
3Mofumanehi
ya hatellang bafumanehi
o ka sekgohola se senyang dijalo.
4Ba tlolang molao
ba thoholetsa ba kgopo,
empa ba o bolokang
ba hanyetsana le ba kgopo.
5Batho ba kgopo
ha ba na kutlwisiso ya toka,
ba kgumamelang Morena
ba na le kutlwisiso ya tsohle.
6Ho molemo ho ba mofutsana
ya phelang ka botshepehi,
ho ena le ho ba morui
ya phelang ka bolotsana.
7Ya bolokang molao
ke mora ya bohlale,
ya tlwaetseng menyollo
o hlabisa ntatae dihlong.
8Ya atisang ruo la hae
ka ho le tswadisa,
a le atise le ka ho hanyapetsa,
o le bokellela
ya tla hauhela mafutsana.
9Ya ithibang ditsebe
hore a se utlwe molao,
thapelo tsa hae
le tsona ke manyala.
10Ya kgelosang ba lokileng
hore ba ye tseleng tse kgopo,
o tla wela lemeneng
le tjhekilweng ke yena;
ba se nang molato
ba tla ja lefa la tse molemo.
11Morui o ithetsa
ka ho re o bohlale,
mofutsana ya sedi
o lemoha boithetso boo ba hae.
12Ha ba lokileng ba busa
tjhaba se a thoholetsa;
ha ba kgopo ba busa
tjhaba se a ipata.
13Ya patang dibe tsa hae
a ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.
14Ho lehlohonolo motho
ya tshabang Morena kamehla,
empa ya ithatafatsang pelo
o tla wela tsietsing.
15Jwalokaha tau e puruma
le bere e kgobolaka,
mmusi ya kgopo o jwalo
ha a busa bafumanehi.
16Mmusi ya sethoto
ke mmampodi ya sehloho;
ya hloileng maruo a bolotsana
o tla phela halelele.
17Ya molato
wa ho tsholla madi a motho,
e tla ba mophaphathehi
ho isa lefung,
ho se be ya lekang ho mo thiba.
18Ya phelang ka botshepehi
o tla fumana pholoho;
ya phelang ka bokgopo
yena hanghang o tla timela.
19Ya lemang masimo a hae
o tla tjhaya haholo;
ya pheellang mafeela
o tla futsaneha haholo.
20Motho ya tshepahalang
o tla hlohonolofala haholo,
athe ya potlakelang ho rua,
kotlo o tla e fumana.
21Ho ahlola ka leeme
hase ntho e ntle,
empa motho a ka nna etsa sebe,
hore a fumane sengwathwana.
22Ya mahlo a matsho
o potlakela leruo,
ha a nahane le hore bofuma
bo tla mo wela hodimo.
23Ya kgalemang motho e mong,
o tla ratwa,
ho feta ya qekisang ka leleme la hae.
24Ya utswetsang ntatae kapa mmae,
a ntsa ithetsa ka ho re:
“Hona hase sebe,”
ya jwalo yena
ke motswalle wa disenyi hantle.
25Motho ya ikgohomosang
o fehla moferefere;
ya itshepelang Morena
o tla fumana katleho.
26Motho ya sethoto
ke ya itshepang boyena,
ya sebetsang ka bohlale
o tla fumana pholoho.
27Ya fanang ho mafutsana
ha ho seo a ka se hlokang;
ya sa a natseng ka letho
o tla rohakwa ke ba bangata.
28Ha ba kgopo ba busa,
tjhaba se a ipata;
empa ha ba timela,
ba lokileng ba tla ngatafala.

Currently Selected:

MAELE 28: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy