YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 27

27
1O se ke wa ithorisa
ka la hosasane,
hobane ha o tsebe
hore le ka o tlela ka dife.
2Motho ha a ithorise
o roriswa ke ba bang,
a ka roriswa ke basele,
e seng yena a ithorise.
3Lejwe le boima,
le lona lehlabathe,
ho halefiswa ke sethoto
ho boima ho di feta.
4Kgalefo e sehloho,
bohale bo a tlokoma,
empa mona
o ka engwa ke mang kapele?
5Ho kgalema motho sefahlamahlo
ho molemo
ho feta rato la lekunutu.
6Ho batwa ke motswalle
ho na le molemo,
empa ho akwa ke sera ke thetso.
7Ya nyonyobetseng
o hlaba kgora ka sefeamaeba,
athe ho ya lapileng
le ho babang ho a latsweha.
8Monna ya furallang lapa la hae,
o tshwana le nonyana
e furallang sehlaha sa yona.
9Ditlolo le menkwane
di thabisa pelo ya motho,
keletso e ntle ya motswalle
le yona e thabisa jwalo.
10Se furalle motswalle wa hao
kapa wa ntatao,
ha o le bothateng,
se itlwaetse ho ya ha ngwaneno;
motswalle ya haufi o na le thuso,
ho feta ngwaneno ya hole.
11Mora ka, hlalefa,
o thabise pelo ya ka,
ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.
12Ya sedi o elellwa kotsi,
a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing.
13Nka seaparo sa ya itlammeng
ho lefa molato wa e mong;
mo ntshise tebeletso
bakeng sa mosadi wa sehlola.
14Ya dumedisang mohahabo
ka ho mo tlatsetsa lerata,
a mo tlatsetsa lerata ka matjeke,
tlhohonolofatso ya hae
e tla fetoha thohako.
15Metsi a rothang ho ya ho ile
ha pula e ena,
a tshwana hantle le mmadikomang.
16Ho mo thodisa
ho tshwana le ho thiba moya,
kapa ho kgakeletsa ole ka seatla.
17Tshepe e leotswa
ka tshepe e nngwe,
monna o tentshwa tshea
ke banna ba bang.
18Ya hlokomelang fate sa feiye,
o tla ja tholwana tsa sona;
ya baballang monga hae hantle,
o tla tlotlwa ke yena.
19Jwalokaha motho
a ipona sefahleho ka metsing,
pelo ya motho
le yona ke seipone sa hae.
20Nqalo ya Bafu
le mohohlo wa timelo
ha di ke di tlala,
le wona mahlo a motho
ha a kgotsofale.
21Silefera e hlwekiswa
ka ho qhibidiswa pitseng,
kgauta yona ka seboping sa yona,
le motho o ahlolwa
ka botumo ba hae.
22Lehlanya o ka le tulella
ka lefudung,
wa le silella le mabele ka tshilo;
empa bohlanya
bo ke ke ba le tlohela.
23Eba mafolofolo
ho lekola kgutshwane tsa hao,
o hlahlobe mehlape ya hao hantle;
24hobane leruo
ha le hlole kamehla yohle,
le mofapahlooho wa kgosi
ha o fetele melokong yohle.
25Ha jwang ba thoko bo fedile,
jwang bo botjha bo se bo hlahile,
mme jwang bo matswapong
bo bokeletswe,
26o tla apara tsa boya ba dikonyana,
ka dipotsanyane o reke masimo.
27Bese la dipodi le tla o lekana,
e be dijo tsa hao le tsa lapa la hao,
o fepe le makgabunyane a hao.

Currently Selected:

MAELE 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy