YouVersion Logo
Search Icon

MAELE 15

15
1Ya arabang ka boikokobetso
o tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale.
2Leme la ya bohlale
le ratisa batho tsebo,
empa molomo wa sethoto
o kopotsa bothoto.
3Mahlo a Modimo a bona kahohle,
a disa ba kgopo le ba lokileng.
4Leme le thabisang
ke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho.
5Sethoto se nyedisa
thuto ya ntata sona,
athe ya ratang kgalemo
yena o a hlalefa.
6Ka tlung ya ya lokileng
leruo le teng,
empa ya kgopo
leruo le mmakela ditsietsi.
7Molomo wa ya bohlale o jala tsebo,
pelo ya ya sethoto yona e mpe.
8Mahlabelo a ya kgopo
ke manyala ho Morena,
empa thapelo ya ya lokileng
e a mo kgahla.
9Ditsela tsa ya kgopo
ke manyala ho Morena,
ya labalabelang ho loka
yena o a mo rata.
10Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo,
ya hloileng kgalemo yena o tla timela.
11Morena o tseba
tse ka Nqalong ya Bafu,
le tse ka ho ya Timelo o a di tseba,
a ka sitwa keng ho tseba
makunutu a batho?
12Mosomi yena o hloile kgalemo,
le ho ba bohlale
a ke ke a batla keletso.
13Pelo ha e thabile
sefahleho se kganya kgotso,
empa ha e hlomohile
motho o utlwa bohloko.
14Ya nang le kutlwisiso
o labalabela tsebo,
athe dithoto tsona
di labalabela bothoto.
15Ya tshwenngwang
o phela habohloko ka nako tsohle,
ya thabileng
yena o keteka kamehla.
16Sejosenyane se molemo
ha o tshaba Morena,
ho ena le maruo
a o bakelang ditsietsi.
17Ho molemo ho ja moroho
o fanwang ka lerato,
ho ena le matshufu
a fanwang ka lehloyo.
18Motho ya bohale o baka diqabang,
ya nang le mamello yena o a di fedisa.
19Tsela ya sekgoba
e ririellane meutlwa,
athe ya ya lokileng
yona e bataletse hantle.
20Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae,
empa sethoto sona
se nyedisa le mma sona.
21Ya hlokang bohlale
o thabiswa ke bothoto,
ya nang le kutlwisiso
yena o etsa ho lokileng.
22Ya sa rateng dikeletso
merero ya hae e a nyopa,
ya eletswang ke ba bangata
yena o a atleha.
23Karabo e nepahetseng
e thabisa monga yona,
e tlang ka nako ya yona
e molemo hakaakang!
24Ho ya bohlale
tsela ya bophelo ke e yang hodimo,
ho mo phemisa
ho theohela lebitleng.
25Morena o timetsa
lapa la moikgantshi,
empa o sireletsa
moedi wa lapa la mohlolohadi.
26Mehopolo ya ya kgopo
ke manyala ho Morena,
polelo tsa ya lokileng
tsona di kgahlisa Morena.
27Ya meharo
o tlisetsa lapa la hae tsietsi,
ya hloileng tjotjo yena o tla phela.
28Ya lokileng o inahana a eso arabe,
molomong wa ya kgopo
bokgopo bo a kopotsa.
29Morena o emeletse thoko,
thoko le ba kgopo,
thapelo ya ba lokileng
o e sekehela tsebe.
30Ho tadima motho hantle
ho thabisa pelo ya hae,
taba tse molemo di mo tsosa molota.
31Ya mamelang kgalemo
e isang bophelong,
o tla dula hamonate hara ba bohlale.
32Ya sa natseng thuto o a inyedisa,
empa ya mamelang kgalemo
o ekeletswa kutlwisiso.
33Ho tshaba Morena
ho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.

Currently Selected:

MAELE 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy