YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 36

36
Lefa la baradi ba nyetsweng
1Baholo ba malapa a bana ba Gileade, mora wa Makiri, mora wa Manase, ba malapa a bara ba Josefa, ba atamela, ba bua ba le kapele ho Moshe, le kapele ho mahosana ao e leng baholo ba malapa a bana ba Iseraele, 2ba re: “Morena o o laetse ho abela bana ba Iseraele naha ena ka lotho, e le lefa la bona. Morena a ba a o laela hore lefa la ngwanabo rona Selofehade, o le abele baradi ba hae. 3Haeba baradi bana ba ka nyalwa ke ba bang ba merabe e meng ya bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ntshwa lefeng la bo-ntata rona, le yo eketsa lefa la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo le tla ntshwa lefeng leo re le abetsweng ka lotho. 4Ha bana ba Iseraele ba etsa mokete wa dilemo tse mashome a mahlano, lefa la bona le tla kenngwa lefeng la morabe oo ba nyetsweng ho wona; kahoo lefa la bona le tla ntshwa lefeng la morabe wa bo-ntata rona.”
5Moshe a laela bana ba Iseraele ho ya ka taelo ya Morena, a re: “Morabe wa bara ba Josefa o buile ka nepo. 6Sena ke seo Morena a se laetseng malebana le baradi ba Selofehade, a re: ‘Ba ka inyallwa ke bao ba ba ratang, empa leha ho le jwalo ba nyalwe malapeng a morabe wa ntata bona. 7Lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, hobane e mong le e mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la morabe wa bo-ntatae. 8Moradi e mong le e mong, eo e leng mojalefa morabeng ofe kapa ofe wa bana ba Iseraele, o tla nyalwa ke e mong wa lelapa la morabe wa ntatae, e le hore e mong le e mong wa bana ba Iseraele a nne a je lefa la bo-ntatae. 9Kahoo lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, empa morabe o mong le o mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la bo-ntata wona.’ ”
10Baradi ba Selofehade ba etsa kamoo Morena a laetseng Moshe kateng. 11Bo-Mahela, le Tiresa, le Hogela, le Mileka, le Nowa, ba ile ba nyalwa ke bara ba bana ba bo-ntata bona. 12Baradi ba Selofehade ba ile ba nyalwa malapeng a bara ba Manase, mora wa Josefa, mme lefa la bona ya nna ya eba lefa la morabe wa lelapa la ntata bona.
13Ena ke melao le ditaelo tseo Modimo a neng a di laele bana ba Iseraele ka Moshe, ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.

Currently Selected:

DIPALO 36: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy