YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 31

31
Bamidiane ba a timetswa
1Morena a bua ho Moshe, a re:
2“Phetetsa bana ba Iseraele ho Bamidiane; kamorao ho moo o tla orosetswa setjhabeng sa heno.”
3Yaba Moshe o bua ho setjhaba, o re: “Hlomellang bahlabani ba lona ba ye ntweng, ba futuhele Bamidiane ho phethahatswe boiphetetso ba Morena ho Bamidiane. 4Le tla ntsha banna ba sekete morabeng o mong le o mong wa merabe yohle ya Iseraele, hore ba ye ntweng.”
5Kahoo ha ntshwa dikete tsa Baiseraele, sekete morabeng o mong le o mong, mme ya eba leshome le metso e mmedi la dikete tsa ba hlomeletseng ntwa. 6Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.
7Ba futuhela Bamidiane jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, mme ba bolaya bohle ba batona. 8Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole. 9Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona ba banyenyane; le dikgomo tsa bona tsohle le mehlape ya bona yohle, le thepa ya bona yohle ba e hapa. 10Le metse ya bona yohle eo ba ahileng ho yona, le diahelo tsa bona tsohle ba di tjhesa ka mollo. 11Ba nka thepa yohle, le kgapo yohle ya batho, le ya diphoofolo. 12Jwale ba tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, bathopuwa, le kgapo, le thepa diahelong, diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.
Mabotho a kgutla ntweng
13Bo-Moshe le moprista Eleasare, le mahosana wohle a setjhaba, ba tswa ho kgahlanyetsa mabotho kathoko ho diahelo. 14Moshe a halefela baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba neng ba etswa ntweng.
15Moshe a re ho bona: “Na le tlohetse basadi bohle hore ba phele? 16Bonang, ke bona ba entseng hore bana ba Iseraele, ka keletso ya Bileame, ba sitelwe Morena, ka taba yane ya Peore, mme sewa sa wela setjhaba sa Morena hodimo. 17Ka baka leo he, bolayang ngwana e mong le e mong e motona; le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna. 18Empa barwetsana bohle ba esong ho robale le monna le ipolokele bona.”
Tlhwekiso ya bahlabani
19“Mang kapa mang ya bolaileng motho, le mang kapa mang ya amileng setopo, o tla dula kantle ho diahelo ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la boraro, le ka letsatsi la bosupa, lona, le bathopuwa ba lona, le tla itlhwekisa. 20Seaparo se seng le se seng, le ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka letlalo, le phahlo e nngwe le e nngwe e entsweng ka boya ba dipodi, le ntho e nngwe le nngwe e entsweng ka lehong, tsena tsohle le tla di hlwekisa.”
21Yaba moprista Eleasare o re ho bahlabani ba tswang ntweng: “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng Moshe: 22Kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, le lekapa, le loto; 23le ntho e nngwe le e nngwe e ke keng ya senngwa ke mollo, tsena tsohle le tla di tjhesa mollong, mme di tla hlweka; le be le di hlwekise ka metsi a tlhwekiso. Tsohle tse ke keng tsa tjheswa mollong le tla di kenya metsing. 24Ka letsatsi la bosupa le tla hlatswa diaparo tsa lona, mme le tla hlweka; kamorao ho moo le tla kena diahelong.”
25Morena a bua ho Moshe, a re: 26“Wena, le moprista Eleasare, le dihlooho tsa malapa a setjhaba, balang kgapo eo le e fumaneng, ya batho le ya diphoofolo. 27Le arole kgapo eo dikoto tse pedi, le e abele bahlabani ba tswang ntweng, le abele le setjhaba sohle. 28Bahlabani ba tswang ntweng ba ntshetse Morena seabo. Hodima bathopuwa ba makgolo a mahlano ba ntshe a le mong; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima tse makgolo a mahlano. 29O di nke sekotong seo ba se abetsweng, o di nee moprista Eleasare, e be nyehelo e akgoletswang Morena. 30Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele o tla nka motho a le mong hodima bathopuwa ba mashome a mahlano; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima diphoofolo tsohle tse mashome a mahlano, mme o di nee Balevi ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.” 31Bo-Moshe le moprista Eleasare ba etsa kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.
32Kgapo ya tse phelang, tse hapilweng, ho sa balwe thepa e nkilweng ke bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a tsheletseng, le mashome a supileng a metso e mehlano; 33le dikgomo tse dikete tse mashome a supileng a metso e mmedi; 34le ditonki tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong; 35le batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi, e le barwetsana ba esong ho robale le monna.
36Sekoto sa bobedi, seo e neng e le sa bahlabani, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng, le makgolo a mahlano. 37Seabo sa Morena e ne e le dinku tse makgolo a tsheletseng le mashome a supileng a metso e mehlano. 38Dikgomo e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e tsheletseng, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a supileng a metso e mmedi. 39Ditonki e ne e le dikete tse mashome a mararo le makgolo a mahlano, mme ho tsona seabo sa Morena e le mashome a tsheletseng a motso o mong. 40Batho e ne e le dikete tse leshome le metso e tsheletseng, mme ho bona seabo sa Morena e le batho ba mashome a mararo a metso e mmedi.
41Moshe a nea moprista Eleasare seabo seo sa Morena, jwalokaha Morena e ne a laetse Moshe.
42Sekoto se abetsweng bana ba Iseraele, seo Moshe a ileng a se arola ho sa bahlabani ba tswang ntweng, 43e leng sekoto se abetsweng setjhaba, e ne e le dinku tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng le makgolo a mahlano; 44le dikgomo tse dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng; 45le ditonki tse dikete tse mashome a mararo le makgolo a mahlano; 46le batho ba dikete tse leshome le metso e tsheletseng. 47Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele, Moshe a nka motho a le mong hodima ba mashome a mahlano, le phoofolo e le nngwe hodima tse mashome a mahlano, a di nea Balevi ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
Dinyehelo tsa balaodi
48Jwale baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba atamela ho Moshe, 49ba re ho yena: “Rona, bahlanka ba hao, re badile bahlabani ba taolong ya rona, mme ha ho le ya mong wa rona ya siyo. 50Re tlisitse dinyehelo tsa Morena, tseo e mong le e mong a di fumaneng, tsa dintho tse entsweng ka kgauta; dithotho tsa maqaqailana, le dipetja, le direng, le masale, le meqhalaphofo, ho tla iketsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena.”
51Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya bona, e entseng mekgabiso eo yohle. 52Kgauta yohle ya nyehelo e akgotswang, eo ba nyehellang Morena, ka yona, e leng e tswang ho balaodi ba ba dikete, le ho balaodi ba ba makgolo, e ne e etsa boima ba dikilo tse ka bang makgolo a mabedi. 53Mohlabani e mong le e mong o ne a inketse kgapo. 54Bo-Moshe le moprista Eleasare ba amohela kgauta ya balaodi ba ba dikete, le ya balaodi ba ba makgolo, ba e kenya ka Tenteng ya Morena, e le hore bana ba Iseraele ba nne ba hopole Morena.

Currently Selected:

DIPALO 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy