YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 30

30
Melao ya dikano
1Moshe a bua ho mahosana a bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng: 2Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae.
3“Ha mosetsana a ikana kapele ho Morena, mme a itlama a sa le lapeng habo, botjheng ba hae; 4eba ntatae o utlwa kano ya hae, kapa boitlamo ba hae, boo a itlamileng ka bona, feela ntatae a sa re letho ho yena, dikano tsohle tsa hae ha di na ho fetoha, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona ha bo na ho fetoha. 5Empa haeba mohla ntatae a utlwang hona a ka mo hanela, dikano tsohle tsa hae, le boitlamo bohle ba hae di ke ke tsa mo tlama. Morena o tla mo tshwarela, hobane ntatae o mo hanetse.
6“Haeba mosetsana eo a nyalwa a ntse a le dikanong tsa hae, kapa a le boitlamong boo a bo entseng a ne a sa imamela hantle, 7mme monna wa hae a utlwa, feela a sa re letho ho yena mohla a utlwileng, kano eo ya hae e ke ke ya fetoha, le boitlamo boo a itlamileng ka bona bo ke ke ba fetoha. 8Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.
9“Malebana le kano e entsweng ke mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, tsohle tseo a itlamileng ka tsona di tla mo tlama.
10“Haeba a entse kano, kapa a etsa boitlamo a sa le lapeng la monna wa hae, 11eba monna wa hae o a utlwa, feela a sa re letho ho yena, mme a sa mo hanele, dikano tsohle tsa hae di tla mo tlama, le boitlamo bohle boo a itlamileng ka bona bo tla mo tlama. 12Empa haeba monna wa hae a ile a di nyopisa mohla letsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a di buileng ha a ikana, kapa ha a itlama, di tla nyopa, hobane monna wa hae o di nyopisitse, mme Morena o tla mo tshwarela.
13“Kano efe kapa efe, le boitlamo bofe kapa bofe ba ho itima ho hong, boo a bo hlapanyetsang, monna wa hae a ka bo tiisa, kapa a bo nyopisa.
14“Empa haeba matsatsi a feta ka ho hlahlamana, feela monna wa hae a sa re letho ho yena, e tla ba monna eo o tiisitse dikano tsohle le boitlamo bohle ba mosadi eo, boo a itlamileng ka bona. Tsena o di tiisitse, hobane ha a a ka a re letho ho mosadi, mohla letsatsi leo a neng a di utlwa ka lona. 15Empa haeba a ka di nyopisa ho se ho fetile nako a di utlwile, monna eo ke yena ya tla jara molato wa mosadi wa hae.”
16Ena ke yona melao eo Morena a e laetseng Moshe, e pakeng tsa monna le mosadi wa hae, le pakeng tsa ntata le moradi wa hae ya eso nyalwe, ya ntseng a le ka lapeng habo.

Currently Selected:

DIPALO 30: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy