YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 20

20
Metsi a Meriba
(Phal. 17:2-7)
1Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.
2Setjhaba se ne se hloka metsi, mme sa ikopanya ho lwantsha Moshe le Arone. 3Setjhaba sa lwantsha Moshe, sa bua, sa re: “Hoja le rona re hlile ra itjhwella ha bana babo rona ba eshwa kapele ho Morena! 4Ke hobaneng ha o tlisitse setjhaba see sa Morena lehwatateng lee, hore re tlo shwela teng, rona le diphoofolo tsa rona? 5Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, wa re tlisa sebakeng se sebe see? Ke sebaka se ke keng sa lengwa, ha se na difeiye, kapa morara, kapa dikgarenate; ebile ha ho na le metsi a ka nowang!”
6Bo-Moshe le Arone ba tloha setjhabeng, ba ya monyakong wa Tente ya Morena. Ba itihela fatshe ka difahleho, mme tlotla ya Morena ya iponahatsa ho bona. 7Morena a bua ho Moshe, a re: 8“Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.”
9Moshe a nka molamu o neng o le kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. 10Moshe le Arone ba bokanya setjhaba sohle kapele ho lefika, mme a re ho sona: “Mamelang jwale, mahlabaphiyo ting! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?” 11Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.
Kotlo ya Moshe le Arone
12Jwale Morena a re ho Moshe, le ho Arone: “Kahobane ha le a ka la dumela ho nkgalaletsa moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona, ka baka lena le ke ke la fihlisa setjhaba sena naheng eo ke se neileng yona.”
13Ana ke wona metsi a Meriba, moo bana ba Iseraele ba ileng ba lwantsha Morena, mme Morena a iponahatsa hore o a halalela.
Iseraele le Edomo
14Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re:
“Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela. 15Bo-ntata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra phela teng nako e telele. Baegepeta ba ile ba re tuba, ba tuba le bo-ntata rona. 16Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta.
“ ‘Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao. 17Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra tsamaya hara masimo, kapa hara dirapa tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba. Re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi; re ke ke ra thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.’ ”
18Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.”
19Bana ba Iseraele ba re ho yena: “Re tla itsamaela feela mmileng o moholo. Haeba re ka nwa metsi a hao, rona le diphoofolo tsa rona, re tla a lefa. Re ikopela ho feta ka tsela feela.”
20Edomo a re: “Le ke ke la feta!” Edomo a tswa motseng, a ba futuhela ka banna ba bangata, ka sekgahla se seholo. 21Ka mokgwa o jwalo, Edomo a hanela Iseraele ho feta hara naha ya hae, mme Iseraele a mo pota kathoko.
Lefu la Arone
(Dipa. 33:38,39)
22Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Kadeshe, sa fihla thabeng ya Hore. 23Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le thabeng ya Hore, pela moedi wa naha ya Edomo, a re: 24“Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba. 25Nka Arone le mora wa hae Eleasare, o ba nyollele thabeng ya Hore. 26Ha o fihla teng o hlobodise Arone diaparo tsa hae, o di apese Eleasare, mora wa hae. Arone yena o tla oroswa, a shwelle hona moo.”
27Moshe a etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Moo setjhaba sohle se ntseng se bona, ba nyolohela thabeng ya Hore. 28Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora wa hae. Arone a shwella hona moo hodima thaba. Jwale Moshe le Eleasare ba theoha thabeng. 29Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, malapa wohle a Iseraele a llela Arone ka matsatsi a mashome a mararo.

Currently Selected:

DIPALO 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy