YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 19

19
Molora wa sethole se sekgunwana
1Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re: 2“Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng: Bua le bana ba Iseraele, o re ba o tlisetse sethole se sekgunwana, se se nang sepha, se esong ho panwe. 3O tla se nea moprista Eleasare, a se ntshetse kantle ho diahelo, se hlajwe moo a ntseng a bona. 4Moprista Eleasare o tla qopetsa monwana wa hae mading, a foke ka wona ka makgetlo a supileng kapele ho monyako wa Tente ya Morena. 5Sethole sena se tjheswe moo Eleasare a ntseng a bona. Letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a mang a sona, le wona moswang wa sona, tsena di tla tjheswa. 6Jwale moprista a nke patsi ya sefate sa kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, a di akgele mollong, moo sethole se ntseng se etjha teng. 7Jwale moprista a hlatswe diaparo tsa hae, mme a tole ka metsi; kamora moo a kgutlele diahelong. Moprista o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 8Ya tjhesitseng sethole sena a hlatswe diaparo tsa hae ka metsi, a be a tole ka metsi. O tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
9“Monna ya hlwekileng o tla bokella molora wa sethole, a o qhalle kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng. Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa ke setjhaba sa bana ba Iseraele, ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa. Ke nyehelo e tlosang sebe. 10Ya ileng a bokella molora ona wa sethole, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla dula a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho bana ba Iseraele, le ho mojaki ya jakileng hara bona.”
Tlhwekiso ya ba nang le sesila
11“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng. 12O tla itlhwekisa ka metsi ao ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, mme jwale e tla ba o hlwekile. 13Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena.
14“Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. 15Sejana se seng le se seng se sa kwahelwang, se na le sesila.
16“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.
17“Motho eo ya sa hlwekang ba tla mo nkela molora wa nyehelo ya sehlabelo se tlosang sebe, ba o nyanyatse ka metsi a tswa kguwa sedibeng. 18Ba tla nka lehlaku la hisopa, ba le ine metsing, ebe monna ya hlwekileng o foka ka wona hodima tente, le hodima tsohle, le hodima bohle ba moo, le hodima monna eo ya ileng a ama lesapo kapa motho ya bolailweng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lebitla. 19Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile. 20Haeba monna enwa ya sesila a sa itlhwekise, o tla kgaolwa setjhabeng, hobane o tla be a silafaditse Sehalalelo sa Morena. Ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa, mme o sesila.
21“Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. 22Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.”

Currently Selected:

DIPALO 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy