YouVersion Logo
Search Icon

DIPALO 16

16
Ho kweneha ha Kora
1Kora, mora wa Isihare, mora wa Kohate, mora wa Levi, a ena le Datane le Abirame, bara ba Eliabe, le One, mora wa Pelete, e leng bara ba Rubene; 2banna bana ba tsohela Moshe matla, ba ena le banna ba bang ba bana ba Iseraele, ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bao e leng mahosana a setjhaba, ba tumileng, ba kgethilweng setjhabeng. 3Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”
4Ha Moshe a utlwa taba ena a itihela fatshe ka sefahleho, 5a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae. 6Etsang tjena: wena Kora, le balatedi ba hao, nkang dipane. 7Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!”
8Moshe a re ho Kora: “Jwale mamelang, lona bara ba Levi. 9Na ke ntho e nyenyane hore ebe Modimo wa Iseraele o le arotse ho setjhaba sa Iseraele, hore a le atametse pela hae, hore le sebeletse ka Tenteng ya Morena? Le hore le eme kapele ho setjhaba, le se sebeletse? 10Le hore ebe o o atameditse pela hae, wena hammoho le bana beno, bara ba Levi? Na le wena o batla ho ba moprista? 11Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”
Ho kweneha ha Datane le Abirame
12Moshe a romela hore ho yo bitswa Datane le Abirame, bara ba Eliabe, empa bona ba re: “Ha re ka ke ra tla! 13Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona? 14Ebile ha o a re fihlisa naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ha wa re nea lefa la naha le masimo a morara. Na o tla foufaletsa banna baa nnete ya ditaba? Rona ha re ka ke ra nyolohela ho wena mono!”
15Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”
Kora o hlaha kapele ho Morena
16Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena. 17Monna e mong le e mong a nke pane ya hae, a tshele mokubetso ka ho yona, a nto e tlisa kapele ho Morena, e be dipane tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Le wena le Arone le tlise dipane tsa lona.” 18Monna e mong le e mong a nka pane ya hae, a bea mashala a hlenneng hodima yona, a nto tshela mokubetso hodima wona. Yaba ba ema monyakong wa Tente ya Morena ba ena le Moshe le Arone. 19Yare hoba Kora a kgobokanye balatedi ba hae bohle monyakong wa Tente ya Morena, tlotla ya Morena ya iponahatsa ho setjhaba sohle.
20Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re: 21“Ikarohanyeng le setjhaba sena le tswe hara sona, ke tle ke se timetse ka ho panya ha ntshi.”
22Yaba Moshe le Arone ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Oho, Modimo, Modimo wa meya ya batho bohle, na o ka halefela setjhaba see sohle ka baka la sebe sa motho a le mong?”
23Morena a bua ho Moshe, a re: 24“Bolella setjhaba, o re: ‘Tlohang diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame!’ ”
25Moshe a ema, a ya ho Datane le ho Abirame, mme baholo ba Iseraele ba ya le yena. 26Moshe a bua ho setjhaba, a re: “Ke a le rapela, tlohang ditenteng tsa banna bana ba kgopo, le se ke la ama letho leo e leng la bona, esere la timetswa ke sebe sa bona.” 27Setjhaba sa tloha diahelong tsa Kora, le tsa Datane, le tsa Abirame, ka mahlakoreng wohle. Bo-Datane le Abirame, le basadi ba bona, le bara ba bona, le bana ba bona, ba tswa, ba ema menyakong ya ditente tsa bona.
28Moshe a re: “Le tla tseba ke hona hore Morena o nthomile ho tla etsa mesebetsi ena yohle, le hore hase mesebetsi ya ka. 29Haeba banna bana ba eshwa lefu la Modimo, mme ba eshwa lefu le tshwanang le la batho bohle, e tla ba ha ke a rongwa ke Morena. 30Empa haeba Morena a etsa ntho e ntjha, mme lefatshe le ahlama, le ba kwenya hammoho le dintho tsohle tsa bona, mme ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, ka hona le tla tseba hore banna bao ba nyedisitse Morena.”
Kotlo ya Kora
31Hoba a qete ho bua mantswe ana, lefatshe la ngamoha katlasa bona; 32lefatshe la ahlama, la ba kwenya, bona le matlo a bona, le balatedi ba bona, le thepa yohle ya bona. 33Ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, le maruo wohle a bona. Lefatshe la ba pupetsa, ba timetswa, ba tloswa setjhabeng. 34Bana ba Iseraele bohle ba neng ba le moo ba baleha ha ba utlwa seboko sa bona, hobane ba ile ba re: “Lefatshe le se ke la re metsa!”
35Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.
Dipane tsa mollo
36Jwale Morena a bua ho Moshe, a re: 37“Bolella Eleasare, mora wa moprista Arone, hore a ntshe dipane kgabong ya mollo, mme a qhalle mollo oo hole, hobane dipane tsena di a halalela. 38Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”
39Moprista Eleasare a nka dipane tse entsweng ka lethose, tseo e neng e le nyehelo ya ba tjhesitsweng, tsa thulellwa mmoho ho etsa sekwahelo sa aletare. 40Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.
Arone o pholosa setjhaba
41Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”
42Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa. 43Moshe le Arone ba fihla kapele ho Tente ya Morena.
44Morena a bua ho Moshe, a re: 45“Tlohang hara setjhaba sena, ke tla se timetsa ka ho panya ha ntshi!” Bona ba itihela fatshe ka difahleho.
46Jwale Moshe a re ho Arone: “Nka pane, hodima yona o bee mashala a hlenneng a tswang hodima aletare, mme o tshele mokubetso kahodima wona, o e ise kapele ho setjhaba, o se etsetse tefelo ya sebe.” Kgalefo ya Morena e ne e befetse setjhaba, mme sewa se se se se wetse hodimo. 47Arone a e nka jwalokaha Moshe a ne a mo laetse mme a mathela hara setjhaba, hobane sewa se ne se se se qalehile hara setjhaba. A tshela mokubetso paneng, mme a etsetsa setjhaba tefelo ya sebe. 48Jwale a ema pakeng tsa ba shweleng le ba phelang, yaba sewa se a kgaotsa. 49Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora. 50Yaba Arone o kgutlela ho Moshe, monyakong wa Tente ya Morena. Sewa sona se ne se se se kgaoditse.

Currently Selected:

DIPALO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy