YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 9

9
Setjhaba se ipolela dibe
1Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi yona eo, bana ba Iseraele ba phutheha, ba itima dijo, ba apara tse mahwashe, ba itshela ka mobu dihloohong. 2Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona. 3Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.
4Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.
5Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re:
“Emang, le boke Morena
Modimo wa lona,
ya hlolang kamehla yohle!
Lebitso la hao le tlotlehang
le bokwe,
le fetang dipoko tsohle
le dithoko tsohle!
6“Oho, Morena, ke wena o inotshi,
ya entseng mahodimo,
le mahodimo a mahodimo,
le dinaledi, le lefatshe
le tsohle tse ho lona,
le mawatle,
le tsohle tse ka ho wona;
tsohle o babaletse
bophelo ba tsona.
Mabotho a lehodimo
a a o kgumamela.
7Ke wena Morena Modimo
ya neng a kgethe Aborame,
wa mo ntsha naheng ya Ure,
Ure ya Bakalatiya,
wa mo rea lebitso la Aborahama.
8Wa fumana a tshepahala ho wena,
yaba o etsa selekane le yena;
wa mo tshepisa naha
ya Bakanana, le ya Bahete,
ya Baamore, le Baperise,
le Bajebuse, le Bagirigashe;
wa e tshepisa
le ditloholo tsa hae;
jwale o phethile tshepiso ya hao,
hobane wena o lokile.
9“O bone matshwenyeho
a bo-ntata rona, Egepeta,
wa utlwa sello sa bona
Lewatleng le Lefubedu.
10Wa etsetsa Faro dipontsho
le dimakatso,
wa di etsetsa bahlanka ba hae,
wa di etsetsa le tjhaba sohle
sa naha ya hae,
hobane o no tseba
boikalatiso ba bona,
kamoo ba ikalatisetsang
bona kateng.
Bitso la hao la tuma,
jwalokaha le tumile kajeno.
11Wa phatlola lewatle
kapele ho bona,
ba tshela lewatle
mobung o ommeng;
baphaladisi ba bona
wa ba akgela bodibeng,
jwaloka lejwe ha le akgelwa
metsing a bilohang.
12Motsheare wa ba etella pele
ka leru le lopaletseng,
bosiu ka kganare e lopaletseng,
ho ba bonesetsa tsela
leetong la bona.
13Wa ba wa theohela
hodima Thaba Sinai,
wa bua le bona
o theoha lehodimong;
wa ba nea kahlolo tse lokileng
le melao ya nnete,
temoso tse lokileng
le tsona ditaelo.
14Wa ba ruta Sabatha
se halalelang sa hao,
ka mohlanka wa hao Moshe
wa ba beela melao,
le ditaelo, le dikahlolo.
15“Wa ba fepa
ka bohobe ba lehodimo
ha ba lapile,
wa ba fa metsi
a tswang lefikeng
ha ba nyorilwe,
wa ba laela hore ba kene,
ba ikgapele naha
eo o neng o hlapanye
hore o tla ba nea yona.
16Empa bona, le bo-ntata rona,
ba ikakasa, ba ba manganga,
ba se ke ba mamela melao ya hao.
17Ba hana ho mamela,
ba lebala ketso tsa hao,
dimakatso tsa hao,
tse entsweng hara bona;
ba se ke ba di natsa,
ba ba manganga,
ba o fetohela,
ba ikgethela moetapele,
hore a ba busetse
bokgobeng ba bona.
Empa o Modimo
ya tshwarelang kamehla,
o lereko, o mohau,
o dieha ho halefa,
o bile o lerato,
mme ha o a ka wa ba furalla.
18Ba iketsetsa setshwantsho
sa namane, ba re:
‘Ke ona modimo
o re ntshitseng Egepeta!’
Kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!
19Empa ha o a ka wa ba furalla
lehwatateng,
hobane mohau wa hao
o moholo haholo;
motsheare leru le lopaletseng
ha le a ka la nyamela,
la nna la ba etella pele
tseleng ya bona;
bosiu kganare e lopaletseng
ha e a ka ya fifala,
ya nna ya ba bonesetsa
ha ba ntse ba tsamaya.
20Wa ba romela Moya wa hao
o molemo ho ba ruta,
wa se ke wa ba tima manna a hao,
wa ba fa metsi ho tlosa lenyora.
21Ka lemo tse mashome a mane,
lehwatateng, wa ba fepa,
ba se ke ba hloka letho;
aparo tsa bona
tsa se ke tsa taboha,
maoto a bona a se ke a ruruha.
22“Wa ba nea mebuso le baditjhaba,
wa ba abela dibaka tsa bona;
ba ikgapela naha ya Sihone,
le ya kgosi ya Heshebone,
ba hapa le naha ya Oge,
kgosi ya Bashane.
23Wa anafatsa bana ba bona
sa naledi tsa lehodimo,
wa ba fihlisa naheng
e tshepisitsweng bo-ntata bona,
hore ba kene ho yona,
ba ikgapele yona.
24Bana bao ba kena,
ba ikgapela naha;
wa kokobetsa Bakanana,
baahi ba pele ba naha,
wa neelana ka bona
matsohong a Baiseraele,
hore ka kgosi tsa bona
ho etswe borata,
le ka baahi ba tsona.
25Ba hapa diqhobosheane
le naha e manoni,
ba hapa le matlo
a tletseng mefuta yohle ya thepa;
didiba tse tjhekilweng,
masimo a morara le a mohlwaare,
le fate tsa tholwana
tse ke ke be tsa balwa.
Ba eja, ba kgora, mme ba atleha,
ba atleha, ba phela ka boiketlo,
tse molemo tsa hao tsa ba thabisa.
26“Leha ho le jwalo,
ba se ke ba o mamela,
ba se ke ba o mamela, ba o fetohela,
Molao wa hao ba o siya morao;
baporofeta ba hao
bona ba ba bolaya,
ha ba ba kgalemella
ho ba busetsa ho wena;
kahoo ba etsa nyefolo e kgolo!
27Wa ba neela dira tsa bona
ho ba tuba,
tlokotsing tsa bona
ba ipiletsa ho wena,
mme wa ba utlwa
o le hodimong la hao.
Ka baka la mehauhelo
ya hao e mengata,
wa ba nea bapholosi,
ba ba lopolla ho dira tsa bona.
28Ha ba se ba phomotse
ba etsa bokgopo mahlong a hao,
wa ba tlohella dira tsa bona
tsa ba busa;
ba boela ba kgutlela ho wena,
ba ipiletsa,
wena wa ba utlwa
o le hodimong la hao,
ka makgetlo wa ba lopolla,
ho ya ka mehauhelo ya hao.
29Wa ba kgalemela
hore ba kgutlele Molaong wa hao,
empa ba ikakasa,
ba se ke ba mamela Molao wa hao.
Ba tlola taelo tsa hao,
taelo tse phedisang ba di phethang,
ba o fetohela, ba ba manganga,
ba ba ba se ke ba o mamela.
30Ka dilemolemo wa ba mamella,
wa iphapanya,
wa ba kgalema
ka baporofeta ba hao,
ka baporofeta
ba susumetswa ke Moya wa hao,
empa tsebe tsa bona
tsa se ke tsa sekeha,
yaba o neelana ka bona
ho baahi ba naha tseo.
31Empa ka baka la mehauhelo
e meholo ya hao,
ha o a ka ba timetsa
le ho ba furalla,
hobane o Modimo ya lereko,
ya mohau.
32“Jwale, ka baka lena,
wena Modimo wa rona,
Modimo e moholo,
ya matla, Ramatshabeho,
ya bolokang selekane sa hae,
ya hauhelang,
tsietsi tsohle tse re hlahetseng
o se ka di bebola:
Tse hlahetseng kgosi tsa rona
le mahosana a rona,
baprista ba rona
le baporofeta ba rona,
bo-ntata rona
le tjhaba sena sa hao sohle,
ho tloha mehleng
ya dikgosi tsa Asure,
ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!
33Ho tsohle tse re hlahetseng
o sebeditse ka toka,
o tshepahetse haholo,
rona re entse bokgopo.
34Kgosi tsa rona
le mahosana a rona,
baprista ba rona le bo-natata rona,
bohle ha ba a boloka
Molao wa hao,
kapa ba mamela ditaelo tsa hao,
le dikgalemelo
tseo o ba etseditseng tsona.
35Leha ba ne ba buswa
ke kgosi tsa bona,
ba iketlile,
ba eja poqo-ka-hlanaka,
naheng e batsi, e manoni,
eo o ba fileng yona,
ha ka ba o sebeletsa,
ha ba a ka ba furalla
makgopo a bona.
36Kajeno re makgoba
naheng ya bo-ntata rona,
naha eo o neng o ba abele yona,
hore ba je tholwana tsa yona
le menono ya yona;
jwale ke mona re makgoba ho yona!
37Menono e mengata ya naha eo
e jewa ke dikgosi
tseo o di beileng hodima rona,
wa di bea ka baka la dibe tsa rona;
di re busa,
le makgomo a rona
di iketsetsa borata,
mme rona re phela
kahara tlokotsi tse kgolo!”
Setjhaba se etsa selekane
38“Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.”

Currently Selected:

NEHEMIA 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy