YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 5

5
Mafutsana a a hatellwa
1Banna le basadi ba bona ba lla haholo, ba ipelaetsa ka bana babo bona, e leng Bajuda. 2Ba bang ba bona ba ne ba re: “Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; ka baka lena, re batla koro eo re ka e jang, e le hore re tle re phele.”
3Ba bang bona ba re: “Re beile masimo a rona paneng, le dirapa tsa rona tsa morara, le matlo a rona, e le hore re tle re tsebe ho reka koro nakong ya tlala.”
4Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara. 5Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”
6Ke ile ka halefa haholo ha ke utlwa sello sa bona le dipolelo tsa bona. 7Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!”
Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo. 8Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!
9Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa. 10Le rona, le bana beso, le bahlanka ba ka, re ka nna ra lefisa batho bana tswala hodima tjhelete le koro eo re ba adimang yona. Ke a le kopa hle: A re tloheleng tswala ena! 11Ke a le kopa hle: Hona jwale kgutlisetsang batho bana masimo a bona, le dirapa tsa bona tsa morara, le dirapa tsa bona tsa mohlwaare, le matlo a bona, le karolo e le nngwe, ho tse lekgolo, ya tjhelete ya bona, le ya koro ya bona, le ya veine ya bona, le ya ole ya bona, e leng tswala ya dintho tseo le di nkileng ho bona.”
12Yaba ba re: “Re tla di kgutlisa, mme re ke ke ra ba lefisa letho. Re tla etsa jwalokaha o boletse.”
Jwale ka bitsa baprista, le mahosana ana, le babusi bana, ka ba hlapantsha hore ba etse jwalokaha ba tshepisitse. 13Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!”
Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng.
Ho se ikgopole ha Nehemia
14Ho tloha mohla ke kgethwang hore ke be mmusisi naheng ya Juda, e leng ho tloha ka selemo sa mashome a mabedi, ho isa ho sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya kgosi Aretaseresese, ke ho re ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, rona le bana beso, ha re a ka ra ja dijo tseo e leng seabo sa mmusisi. 15Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo. 16Le nna ka sebetsa ka thata mosebetsing wa ho haha lerako, le hoja ke ne ke se na tshimo. Le bahlanka ba ka kaofela ba ne ba phuthehetse moo, ho ya sebetsa.
17Ke ne ke eja le Bajuda, le babusi ba lekgolo le mashome a mahlano, ke sa bolele ba neng ba re etetse, ba etswa ditjhabeng tse neng di re potapotile. 18Ka letsatsi le leng le le leng, ke ne ke phehelwa nama ya pholo kaofela, le ya dinku tse tsheletseng tse nonneng. Ke ne ke phehelwa le nama ya dikgoho, mme hang, kamora matsatsi a leshome, ho ne ho tliswa veine e ngata, ya mefutafuta. Empa leha ho ne ho le tjena, ha ke a ka ka batla dijo tseo e leng seabo sa mmusisi, hobane setjhaba se ne se imeditswe haholo.
19Nehemia a re: “Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo, ka baka la tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena.”

Currently Selected:

NEHEMIA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy