YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 4

4
Morero wa ho thibela kgaho ya Tempele o a nyopa
1Ha Sanebalate a utlwa hore re tsosa lerako, a kgobohelwa, a halefa, a soma Bajuda. 2Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?”
3Tobiya wa Moamone, o ne a eme pela hae, mme yena a re: “Lerakonyana lena la majwe, leo ba le hahang, ha phokojwe e ka hlwella hodima lona le ka heleha!”
4Yaba Nehemia o re: “Re utlwe, Modimo wa rona, hobane re a nyediswa. Ako busetse thohako ena hodima bona, ba tlatlapuwe, ba iswe naheng ya baditjhaba e le bathopuwa. 5O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.”
6Yaba re ntse re haha lerako, la ba la fihla halofong ya bophahamo ba lona, hobane setjhaba seo se ne se hlile se ikemiseditse ho haha.
7Ha bo-Sanebalate, le Tobiya, le Maarabia, le Baamone, le Baashedode, ba utlwela hore marako a Jerusalema a ntse a tsoswa, le dikgeo di ntse di thijwa, ba halefa haholo. 8Ba rera ho futuhela Jerusalema, hore ba tsose moferefere. 9Ka baka la bona ra rapela Modimo wa rona, ra lebela motsheare le bosiu.
10Baahi ba naha ya Juda ba re: “Batho ba hlekang ba fellwa ke matla, empa uduudu e sa le ngata, hoo e re sitisang ho tsosa lerako.”
11Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.”
12E ile yare ha Bajuda ba neng ba ahile pela bona ba fihla, ba bua le rona ka makgetlo a leshome, ba re: “Ba tla re futuhela ba etswa dibakeng tsohle.”
13Ka lebaka lena, ka bea batho kamora lerako moo le sa leng tlase, ka ba bea ka malapa abo bona, ba tshwere disabole tsa bona, le marumo a bona, le diqha tsa bona. 14Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”
15Ha dira tsa rona di utlwa hore re se re tseba morero wa tsona, le hore Modimo o nyopisitse morero oo wa tsona, yaba rona bohle re kgutlela lerakong, motho ka mong a ba mosebetsing wa hae.
16Ho tloha mohlang oo, halofo ya bahlanka ba ka ya nna ya sebetsa, empa halofo e nngwe yona ya dula e hlometse ka marumo, le ka dithebe, le ka diqha, e apere diaparo tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe. Babusi ba ne ba eme kamora setjhaba sohle sa Juda, 17e leng se neng se haha lerako. Motho ka mong wa ba neng ba thotha thepa, o ne a sebetsa ka letsoho le leng, ka le leng a tshwere dihlomo. 18Sehahi ka seng se ne se haha se ntse se leketlisitse sabole qholong, mme ya letsang lenaka la pheleu yena a eme pela ka.
19Yaba ke re ho mahosana, le ho babusi, le ho setjhaba sohle: “Mosebetsi ona o moholo, o nametse hole, mme re se re qaqolohane haholo, ho ya le lerako lena. 20Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!”
21Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha. 22Ka yona nako eo ka re ho setjhaba: “Motho ka mong, le mohlanka wa hae, ba hlole Jerusalema, e le hore ba tle ba re lebele bosiu, mme motsheare ba sebetse.” 23Ha e le nna, bana beso, le bahlanka ba ka, le banna ba balebedi, ba neng ba ena le nna, ha ho le ya mong wa rona ya kileng a hlobola diaparo tsa hae. Motho ka mong o ne a tshwere dihlomo tsa hae, esita leha a ilo kga metsi.

Currently Selected:

NEHEMIA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy