YouVersion Logo
Search Icon

NEHEMIA 3

3
Ho tsoswa lerako la Jerusalema
1Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele. 2Banna ba Jeriko ba haha ba bapile le bo-Eleashibe; Sakure, mora wa Imeri, yena a haha a bapile le bo-Eleashibe; Sakure, mora wa Imeri, yena a haha a bapile le banna ba Jeriko. 3Bara ba Hasena bona ba haha Monyako wa Ditlhapi, ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. 4Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame. 5Ba lelapa la Tekowa ba le tsosa ba bapile le Sadoke. Empa mahosana a bona a se ke a kenya letsoho mosebetsing ona wa Morena wa bona.
6Monyako wa Kgale wona wa tsoswa ke Jehoyada, mora wa Paseya, le Meshulame, mora wa Besodeya. Ba bea maballo a wona, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. 7Bo-Melatiya wa Gibeone, le Jadone wa Meronote, banna ba tswang Gibeone le Misepa, ba bapa le bo-Jehoyada, ba tsosa lerako ho ya fihla ha mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. 8Usiele, mora wa Harahaya, eo e neng e le e mong wa malala a kgauta, a tsosa lerako a bapile le bo-Melatiya. Hananiya, e mong wa ba etsang ditlolo tse monko o monate, a bapa le Usiele, ba tsosa lerako la Jerusalema ho ya fihla Lerakong le Phatlaletseng. 9Refaya, mora wa Hure, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a tsosa lerako a bapile le Hananiya. 10Jedaya, mora wa Harumafa, a bapa le Refaya, a tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya hae. Hatushe, mora wa Hashabeniya, a le tsosa a bapile le Jedaya. 11Malakiya, mora wa Harime, le Hashube, mora wa Pahate-Moabe, bona ba tsosa karolo ya bobedi ya lerako, hammoho le Tora ya Dibopi. 12Shalome, mora wa Haloheshe, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a thuswa ke baradi ba hae, ba tsosa lerako ba bapile le bo-Melatiya.
13Bo-Hanune le baahi ba Sanowa ba lokisa Monyako wa Kgohlo. Ba o haha, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Ba haha le lerako sebaka se ka etsang dimethara tse makgolo a mane le mashome a mane, ho ya fihla Monyakong wa Thotobolo.
14Monyako wa Thotobolo wa tsoswa ke Malakiya, mora wa Rekabe, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Kereme. A o haha, a kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.
15Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida. 16Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.
Balevi ba ileng ba tsosa lerako
17Balevi bana ba latela Nehemia, ba tsosa lerako: Rehume, mora wa Bani, a tsosa lerako; Hashabiya, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, a latela Rehume, le yena a tsosa karolo ya hae ya lerako. 18Bana babo bona ba ba latela. Bafai, mora wa Henadade, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, le yena a tsosa lerako. 19Esere, mora wa Jeshua, mmusi wa Misepa, a latela Bafai, a tsosa karolo e nngwe, e tobaneng le moepa o nyolohelang tlung ya dihlomo, e hukung ya lerako. 20Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe. 21Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.
Baprista ba ileng ba tsosa lerako
22Baprista, e leng banna ba ahileng phuleng ya Jorodane, ba latela Meremote, le bona ba tsosa lerako. 23Bo-Benjamine le Hashube ba latela baprista, ba tsosa lerako moo le tobaneng le ntlo ya bona teng. Asariya, mora wa Maasiya, setloholo sa Ananiya, a latela bo-Benjamine, a tsosa lerako le pela ntlo ya hae. 24Binui, mora wa Henadade, a latela Asariya, a tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha tlung ya Asariya, ho ya fihla hukung ya lerako.
25Palale, mora wa Usai, a tsosa lerako moo le tobaneng le huku, le tora e entseng motsu, e tlung ya kgosi, e kahodimo, e neng e le pela lebala la tjhankana. Pedaya, mora wa Paroshe, a latela Palale, a tsosa lerako.
26Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu.
Dihahi tse ding
27Banna ba Tekowa ba latela basebeletsi ba Tempele, le bona ba tsosa karolo e nngwe ya lerako, e tobaneng le tora e kgolo, e entseng motsu, ba ya fihla lerakong la Ofele.
28Baprista ba tsosa lerako le kahodimo ho Monyako wa Dipere; e mong le e mong a tsosa karolo e kapele ho ntlo ya hae. 29Sadoke, mora wa Imere, a latela baprista, a tsosa lerako le tobaneng le ntlo ya hae. Shemaya, mora wa Shekaniya, molebedi wa Monyako o ka Botjhabela, a latela Sadoke, a tsosa lerako. 30Bo-Hananiya, mora wa Shelemiya, le Hanune, mora wa botshelela wa Salafe, ba latela Shemaya, ba tsosa karolo e nngwe ya lerako. Meshulame, mora wa Berekiya, a latela bo-Hananiya, a tsosa lerako moo le tobaneng le kamore ya hae. 31Malakiya, e mong wa malala a kgauta, a latela Meshulame, a tsosa lerako ho ya fihla tlung ya basebeletsi ba Tempele, le ho ya fihla tlung ya bahwebi, moo le tobaneng le Monyako wa Balebedi, le ho ya fihla pela kamore e kahodimo ho huku ya lerako. 32Pakeng tsa kamore e kahodimo le Monyako wa Dinku, malala a kgauta le bahwebi ba tsosa lerako hona moo.

Currently Selected:

NEHEMIA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy