YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 8

8
Jesu o fepa ba kete tse nne
(Mat. 15:32-39)
1Matsatsing ao, ha letshwelehadi le boetse le phuthehile, le se na seo le ka se jang, Jesu a bitsa barutuwa ba hae, a re ho bona: 2“Ke utlwela batho bana bohloko, hobane ba se ba bile le nna matsatsi a mararo, mme ha ba na letho leo ba ka le jang. 3Haeba ke ba qhala ho ya hae ba lapile, ba ka fellwa ke matla tseleng; ebile ba bang ba bona ba tswa hole.”
4Barutuwa ba hae ba mo araba, ba re: “Ke hokae moo motho a ka fumanelang batho baa bohobe bo ka ba kgorisang moo feelleng?”
5A ba botsa, a re: “Le na le dinkgwa tse kae?”
Ba re: “Tse supileng.”
6Yaba o laela batho hore ba dule fatshe; a nka dinkgwa tse supileng, a leboha, a nto di ngwatha, a nea barutuwa ba hae hore ba ba abele, yaba ba abela letshwele. 7Ba ne ba ena le ditlhatswana tse seng kae; yare hoba a di hlohonolofatse, a re le tsona tseo di ajwe. 8Batho ba eja, ba kgora, yaba ho bokellwa makumane a setseng; a etsa diroto tse supileng. 9Ba ne ba ka ba kete tse nne. Yaba Jesu o a ba lokolla. 10Yare hoba a kene ka sekepeng le barutuwa ba hae, a ya naheng ya Dalamanutha.
Bafarisi ba batla sesupo
(Mat. 12:38-42; 16:1-4; Luka 11:29-32)
11Bafarisi ba tla, ba qala ho phea kgang le yena, mme ka ho mo leka, ba batla hore a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong. 12Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!”
13A tloha ho bona, a boela a kena ka sekepeng, a tshelela mose wane.
Tomoso ya Bafarisi le Heroda
(Mat. 16:5-12)
14Barutuwa ba ne ba lebetse ho inkela bohobe, mme ba se na letho ka sekepeng haese senkgwa se le seng. 15Jesu a ba laela, a re: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le tomoso ya Heroda!”
16Ba buisana ba le bang, ba re: “Ke kahobane ha re a tla le bohobe.”
17Ha a lemoha a re ho bona: “Keng ha le buisana, le re: Ke kahobane ha le a tla le bohobe? Na ha le eso elellwe leha e le ho utlwisisa? Na pelo tsa lona di sa thatafetse? 18Le na le mahlo; na ha le bone? Le na le ditsebe; na ha le utlwe? Na ha le sa hopola 19hore ha ke ne ke ngwathela ba kete tse hlano dinkgwa tse hlano, na le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?”
Ba re ho yena: “Tse leshome le metso e mmedi.”
20“Ha ke ngwathela ba dikete tse nne dinkgwa tse supileng, le ne le bokelle diroto tse kae tse tletseng makumane?”
Ba re ho yena: “Tse supileng.”
21A re ho bona: “Na ha le eso utlwisise?”
Phodiso ya sefofu motseng wa Bethesaida
22Ba fihla Bethesaida. Batho ba tlisa sefofu ho Jesu, mme ba mo rapela hore a se ame. 23A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse; a tshwela mathe mahlong a sona, a se bea matsoho, a se botsa, a re: “Na ho na le seo o se bonang?”
24Sa tadima, mme sa re: “Ke bona batho, ba tsamaya e ka difate.”
25A boela a bea matsoho mahlong a sona, mme sa bona hantle sa fola, sa bona tsohle ka mokgwa o hlakileng esitana le hole. 26Jesu a se romela habo sona, a re: “O se ke wa kena motseng, wa bolella motho.”
Petrose o bolela hore Jesu ke mang
(Mat. 16:13-20; Luka 9:18-22)
27Jesu le barutuwa ba hae ba ya metsaneng e mathokong a Sesaria ya Filipi. Tseleng, a botsa barutuwa ba hae, a re ho bona: “Batho ba re ke mang?”
28Ba mo araba, ba re: “Johanne Mokolobetsi; ba bang ba re Elia, empa ba bang ba re e mong wa baporofeta.”
29A ba botsa, a re: “Empa lona le re nna ke mang?”
Petrose a re ho yena: “O Kreste.”
30A ba laya hore ba se ke ba bolella motho ka yena.
Jesu o porofeta lefu le tsoho ya hae
(Mat. 16:21-28; Luka 9:22-27)
31Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung. 32A bolela taba eo pepenene. Petrose a mo nkela kathoko, a qala ho mo kgalemela.
33Jesu ha a reteleha, mme a bona barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: “Tloha kapele ho nna, Satane, hobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”
34A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele. 35Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa. 36Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? 37Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng? 38Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”

Currently Selected:

MAREKA 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy