YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 7

7
Meetlo ya baholoholo
(Mat. 15:1-20)
1Bafarisi le Ditsebi tse ding tsa Molao tse tswang Jerusalema ba phuthehela ho Jesu. 2Ba bona barutuwa ba bang ba hae ba eja dijo ka matsoho a sa hlwekang, ke ho re a sa hatlelwang.
3Ho latela moetlo wa baholoholo, Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ba sa hatlela ka hloko, 4mme leha ba etswa lebaleng la motse, ba ne ba sa je ba sa itlhatswa; ho bile ho ena le meetlo e meng e mengata eo ba e amohetseng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, dijana le dipitsa tsa lethose.
5Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba botsa Jesu, ba re: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo, ba eja bohobe ka matsoho a sa hlwekang?”
6A re ho bona: “Esaya o porofetile hantle ka lona baikaketsi ting, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘Setjhaba sena se ntlhompha
ka melomo ya sona feela,
empa dipelo tsa sona
di hole le nna;
7se nkgumamella lefeela,
empa se ruta dithuto
tseo e leng ditaelo tsa batho.’
8“Le tlohetse taelo ya Modimo, le itshwareletse ka meetlo ya batho.”
9A boela a re ho bona: “Le tseba hantle ho beela taelo ya Modimo kathoko, e le hore le boloke meetlo ya lona! 10Moshe o itse: ‘Hlompha ntatao le mmao,’ a ba a re: ‘Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.’ 11Empa lona le re: ‘Ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: Hona ke korobane’, ke ho re, ‘mpho ho Modimo,’ 12ha le sa mo dumella ho etsetsa ntatae kapa mmae letho. 13Le fetola lentswe la Modimo lefeela ka moetlo wa lona oo le o neeletsanang, mme le etsa tse ngata tse jwalo.”
14A boela a bitsetsa letshwele ho yena, a re ho lona: “Mmameleng bohle, mme le utlwisise! 15Ha ho letho le kenang ka ho motho, le etswa kantle ho yena, le ka mo silafatsang, empa tse tswang ka ho yena ke tsona tse mo silafatsang. 16Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”
17Yare ha a tloha hara letshwele, a kena ka tlung; barutuwa ba hae ba mmotsa tsa setshwantsho seo. 18A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa, 19hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle.
20A re: “Se tswang ka ho motho ke sona se mo silafatsang, 21hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao, 22le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto. 23Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”
Tumelo ya mosadi wa Mosiria wa Fenisia
(Mat. 15:21-28)
24Ho tloha moo, Jesu a ya sebakeng sa Tire. A kena ka tlung, mme a lakatsa hore ho se be ya ka tsebang, empa a sitwa ho pateha. 25Hanghang mosadi eo moradinyana wa hae a neng a ena le moya o ditshila, a mo utlwela, mme a ya, a fihla, a itihela maotong a hae. 26Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiria ba Fenisia; a mo kopa hore a leleke modemona ho moradi wa hae.
27Jesu a re ho yena: “Lesa bana ba kgore pele, hobane hase hantle hore ho nkwe bohobe ba bana, bo akgellwe dintjanyana.”
28A araba, a re ho yena: “Morena, le tsona dintjanyana tse tlasa tafole di ja makumane a wang ho bana.”
29A re ho yena: “Ka baka la polelo ena, ikele, modemona o tswile ho moradi wa hao.”
30A ya hae, a fumana ngwana a robetse diphateng, mme modemona o tswile.
Phodiso ya monna ya tsebetutu
31Jesu ha a kgutla sebakeng sa Tire, a boela a ya letsheng la Galelea ka tsela ya Sidone, ka ho haola naha ya Dekapolese. 32Ba mo tlisetsa monna ya tsebetutu, ya lehwelea, mme ba mo rapela hore a mmee letsoho.
33Jesu a mo tlosa hara letshwele, a mo nkela thokwana, mme a kenya menwana ya hae ka ditsebeng tsa hae; a tshwela mathe, a ama leleme la hae. 34A lelalla lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: “Efatha!” e leng ho re: “Thiboloha!” 35Hanghang ditsebe tsa hae tsa thiboloha, leleme la hae la raroloha, mme a bua hantle.
36Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo. 37Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”

Currently Selected:

MAREKA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy