YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 15

15
Jesu o iswa ho Pilato
(Mat. 27:1,2,11-14; Luka 23:1-5; Joh. 18:28-38)
1E sa le kameso, hoba baprista ba baholo ba rerisane le baholo, le Ditsebi tsa Molao, le lekgotla lohle, ba tlama Jesu, ba mo kganna, ba mo neela Pilato.
2Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?”
Yena a mo araba, a re: “Wena o rialo.”
3Baprista ba baholo ba mo qosa ka tse ngata. 4Pilato a boela a mmotsa, a re: “Na ha o arabe letho? Bona kamoo ba o qosang ka tse ngata kateng.”
5Empa Jesu a se ke a hlola a araba letho, hoo Pilato a bileng a makala.
Jesu o ahlolelwa lefu
(Mat. 27:15-26; Luka 23:13-25; Joh. 18:39 — 19:16)
6Ka mokete Pilato o ne a tlwaetse ho ba lokollela motlamuwa e mong, eo ba mo kopang. 7Jwale ho ne ho le teng ya bitswang Barabase, ya neng a tshwerwe mmoho le ba neng ba fetohetse mmuso, ba bile ba bolaile motho nakong ya moferefere oo. 8Letshwele la nyolohela ha Pilato, mme la qala ho kopa ho etsetswa jwalokaha a ne a ye a le etsetse.
9Pilato a araba, a re: “Na le rata ha ke le lokollela kgosi ya Bajuda?” 10O ne a tseba hore baprista ba baholo ba neelane ka Jesu ka baka la mona. 11Empa baprista ba baholo ba susumetsa letshwele ho kopa hore a mpe a ba lokollele Barabase.
12Pilato a boela a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka eo le mmitsang kgosi ya Bajuda?”
13Empa bona ba boela ba howa, ba re: “Mo thakgise!”
14Pilato a re ho bona: “Empa o entse bobe bofe?”
Ba eketsa ho howa, ba re: “Mo thakgise!”
15Pilato, ka ho lakatsa ho kgotsofatsa letshwele, a ba lokollela Barabase, mme hoba a laele hore Jesu a shapuwe, a neelana ka yena hore a thakgiswe.
Bahlabani ba soma Jesu
(Mat. 27:27-31; Joh. 19:2,3)
16Yaba bahlabani ba isa Jesu kahare, lebaleng la ntlo ya bobusisi, mme ba bitsa lebotho lohle. 17Ba mo apesa seaparo se sefubedu, ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona. 18Ba qala ho mo dumedisa, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!” 19Ba mmata hloohong ka leqala, ba mo tshwela ka mathe, ba koqama ka mangwele sa mokana ba mo kgumamela. 20Ha ba se ba mo somile, ba mo hlobodisa seaparo se sefubedu, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba mo kgannela kantle hore ba tle ba yo mo thakgisa.
Jesu o a thakgiswa
(Mat. 27:32-44; Luka 23:26-43; Joh. 19:17-27)
21Yaba Simone wa Sirene, ntata Alekesandere le Rufase, o feta a etswa naheng, mme bahlabani ba mo qobella ho jara sefapano sa Jesu. 22Ba mo isa sebakeng se bitswang Gologotha, e leng ho bolela Sebaka sa Lehata. 23Ba mo fa veine e tswakilweng ka mmira, empa yena a e hana. 24Ba mo thakgisa,
mme ba arolelana diaparo tsa hae
ba di arolelana ka lotho
ho bona hore na mang
o tla nka eng ho tsona.
25E ne e ka ba hora ya borobong, hoseng, ha ba mo thakgisa. 26Lengolo le bolelang molato wa hae le ne le ngotswe tjena: kgosi ya bajuda. 27Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi. 28Ha ba ha phethahala Mangolo a reng: “O baleletswe le ba kgopo.” 29Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo, 30ipholose he, ka ho theoha sefapanong!”
31Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao ba ne ba buisana, ba mo soma, ba re: “O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa! 32Kreste, kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, e le hore re bone, mme re dumele!” Le bona ba thakgisitsweng le yena ba mo hlapaola.
Lefu la Jesu
(Mat. 27:45-56; Luka 23:44-49; Joh. 19:28-30)
33Ka hora ya leshome le metso e mmedi, lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro. 34Yaba ka hora ya boraro Jesu o meketsa ka lentswe le phahameng, o re: “Eloi, Eloi, lema sabakthani?” e leng ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”
35Ba bang ba neng ba eme moo, ha ba mo utlwa, ba re: “Utlwang, o bitsa Elia!”
36E mong wa bona a phakisa a matha, a ina semonyametsi aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe, a re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo fanyolla.”
37Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a neela moya.
38Yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase. 39Molaodi wa ba lekgolo ya emeng malebana le Jesu, ha a bona kamoo a neetseng moya kateng, a re: “Kannete motho enwa e ne e le Mora wa Modimo.”
40Le basadi ba ne ba le teng, ba tadimile ba le thokwana; hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo e monyenyane, le Joseta, le Salome, 41ba neng ba latela Jesu ba ntse ba mo sebeletsa ha a le Galelea, le basadi ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse le yena Jerusalema.
Kepelo ya Jesu
(Mat. 27:57-61; Luka 23:50-56; Joh. 19:38-42)
42Ha e se e le mantsiboya, kaha e ne e le letsatsi la Tlhekelo, ke ho re le etellang Sabatha pele, 43ha tla Josefa wa Arimathea, setho se hlomphehang sa lekgotla, eo le yena a neng a lebeletse Mmuso wa Modimo, a beta pelo, a kena ha Pilato, a kopa setopo sa Jesu. 44Pilato a makala ha a utlwa hore o se a shwele, a ba a bitsa molaodi wa ba lekgolo, mme a mmotsa hore na o se a hlile a shwele. 45Hoba a utlwe ka molaodi, a lokollela Josefa setopo. 46Yare hoba a reke lesela, a fanyolla setopo, a nto se phuthela ka lesela leo, a se bea lebitleng le betlilweng lefikeng, a phikolosetsa lejwe monyakong wa lebitla. 47Maria wa Magadala le Maria mma Joseta ba ne ba shebeletse, mme ba bona moo a bewang teng.

Currently Selected:

MAREKA 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy