YouVersion Logo
Search Icon

MAREKA 14

14
Morero wa ho bolaya Jesu
(Mat. 26:1-5; Luka 22:1,2; Joh. 11:45-53)
1Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye, 2kaha ba ne ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”
Jesu o tshelwa ka setlolo Bethania
(Mat. 26:6-13; Joh. 12:1-8)
3Yare ha Jesu a le Bethania ha Simone wa molepera, mme a dutse dijong, ha tla mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa nareta ya sebele, se theko e phahameng. A thua pitsana, a se tshela hloohong ya Jesu.
4Empa ba bang ba ipelaetsa, mme ba buisana, ba re: “Tshenyo ee ya setlolo e etsetswang? 5Setlolo sena se ka be se rekisitswe didenare tse fetang makgolo a mararo, mme tsa abelwa mafutsana.” Ba omanya mosadi eo.
6Jesu a re ho bona: “Mo leseng! Le mo nyahamisetsang pelo? O nketseditse ketso e molemo. 7Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla. 8O entse sohle seo a neng a ka se etsa: o se a tlotseditse mmele wa ka kepelo. 9Kannete ke a le bolella, hohle lefatsheng moo molaetsa ona o molemo o tla phatlalatswa teng, seo a se entseng se tla bolelwa, e be seo a hopolwang ka sona.”
Tumellano ya ho eka Jesu
(Mat. 26:14-16; Luka 22:3-6)
10Yaba Judase Isekariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ya ho baprista ba baholo, hore a tle a ba neele Jesu. 11Bona ha ba utlwa ba thaba, mme ba mo tshepisa ho mo fa tjhelete. Jwale a batla monyetla wa ho ba neela yena.
Jesu le barutuwa ba ja Paseka
(Mat. 26:17-25; Luka 22:7-14,21-23; Joh. 13:21-30)
12Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ha ho hlajwa dikonyana tsa Paseka, barutuwa ba Jesu ba re ho yena: “O rata ha re ya o lokisetsa ho jela Paseka kae?”
13Yaba o roma barutuwa ba babedi, a re ho bona: “Eyang motseng, mme le tla kgahlana le monna ya jereng nkgo ya metsi; mo lateleng. 14Moo a kenang teng, le re ho monga ntlo: ‘Moruti o re: Kamore eo nka jelang Paseka ho yona mmoho le barutuwa ba ka, e kae?’ 15O tla le bontsha kamore e kahodimo, e lokisitsweng, e kgolo, e nang le thepa. Le re lokisetse hona teng.”
16Barutuwa ba tloha, ba ya motseng, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse, mme ba lokisetsa Paseka.
17Mantsiboya Jesu a tla le ba leshome le metso e mmedi. 18Ha ba ntse ba dutse ba eja, Jesu a re: “Kannete ke a le bolella hore e mong wa lona ya jang le nna, o tla nkeka.”
19Ba qala ho swaba, mme ba re ho yena ka bomong: “Na ke nna?”
20A re ho bona: “Ke e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya kenyang letsoho le nna ka sejaneng. 21Ruri Mora Motho o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”
Selallo sa Morena
(Mat. 26:26-30; Luka 22:15-20; 1 Bakr. 11:23-25)
22Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, mme hoba a boke, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: “Nkang: hona ke mmele wa ka.”
23A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, mme bohle ba nwela ho sona.
24A re ho bona: “Hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata. 25Kannete ke a le bolella, ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara, ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa se le setjha Mmusong wa Modimo.”
26Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.
Jesu o bolela tatolo ya Petrose
(Mat. 26:31-35; Luka 22:31-34; Joh. 13:36-38)
27Yaba Jesu o re ho bona: “Bohle le tla kweneha, hobane ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘Ke tla otla modisa,
mme dinku di tla qhalana.’
28“Empa ha ke se ke tsohile bafung, ke tla le etella pele ho ya Galelea.”
29Petrose a re ho yena: “Leha bohle ba ka kweneha, nna nke ke!”
30Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore kajeno, bosiung bona, etlare mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.”
31Petrose a mpa a bua ka matla, a re: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Bohle le bona ba bua jwalo.
Jesu o rapela Gethesemane
(Mat. 26:36-46; Luka 22:39-46)
32Yaba ba ya serapeng seo lebitso la sona e leng Gethesemane, mme Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Dulang mona ha ke ntse ke rapela.” 33A tsamaya le Petrose, le Jakobo le Johanne, mme a qala ho tshoha haholo le ho tshwenyeha. 34Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe.”
35A ya pejana, a itihela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etsahala, motsotso oo o tle o mo fete. 36A re: “Abba, Ntate, ha ho letho le ka o sitang: ako tlose senwelo sena pela ka! Empa ho etswe se ratwang ke wena, e seng ke nna!”
37A tla, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Simone, o robetse? Na o sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe? 38Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”
39A tloha hape ho bona, mme a rapela, a pheta mantswe wona ane. 40Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko. Ba ne ba sa tsebe hore na ba ka mo araba jwang.
41Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe. 42Tsohang, a re yeng, ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”
Jesu o a ekwa, mme o a tshwarwa
(Mat. 26:47-56; Luka 22:47-53; Joh. 18:3-12)
43A re a sa bua, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le letshwele le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo.
44Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware, le mo kganne, a se ke a phonyoha.”
45Hanghang ha a fihla, a toba Jesu, a re: “Moruti!” Yaba o a mo aka. 46Jwale ba mo tshwara. 47E mong wa ba neng ba eme moo a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe.
48Jesu a bua, a re ho bona: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le ka dikoto tjee? 49Ke nnile ka ba le lona ka matsatsi, ke ruta ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara. Empa eka kgona Mangolo a phethahale.”
50Bohle ba mo siya ba baleha.
Mohlankana ya ileng a baleha
51Mohlankana e mong o ne a mo latela, a itshophile ka lesela feela, mme ba mo tshwara. 52Empa yena a monyoha leseleng, a baleha a le feela.
Jesu o iswa kgotla
(Mat. 26:57-68; Luka 22:54,55,63-71; Joh. 18:13,14,19-24)
53Yaba ba isa Jesu ho Moprista e Moholo, mme baprista ba baholo bohle, le baholo, le Ditsebi tsa Molao ba kopana. 54Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla kahare ha Moprista e Moholo. A dula le balebedi mollong, a ikomosa.
55Baprista ba baholo le lekgotla kaofela ba batla bopaki bo ka tswang Jesu, hore ba tle ba mmolaye, empa ha ba a ka ba bo fumana. 56Ba bangata ba ne ba mo qosa ka bopaki ba leshano, empa bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.
57Yaba ba bang ba a ema, ba mo qosa ka bopaki ba leshano, ba re: 58“Re mo utlwile a re: ‘Ke tla qhaqha Tempele ena e hahilweng ke batho, mme ka matsatsi a mararo ke hahe e nngwe e sa hahwang ke batho!’ ” 59Empa esita le hona moo bopaki ba bona bo ne bo sa dumellane.
60Moprista e Moholo a ema kapela bona, a botsa Jesu, a re: “Na ha o arabe letho hodima tseo ba o qosang ka tsona?” 61Empa yena a kgutsa, a se ke a araba letho.
Moprista e Moholo a mmotsa hape, a re: “Na o Kreste, Mora wa Ya Bokehang?”
62Jesu a re: “Ke yena;
“mme le tla bona Mora Motho
a dutse letsohong le letona
la Ya Matla,
mme a etla ka maru a lehodimo.”
63Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “Re sa hlokelang dipaki? 64Le ikutlwetse nyefolo! Le bona jwang?”
Bohle ba mo ahlola ka ho re o tshwanelwa ke lefu. 65Ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, ho mo kgurumetsa sefahleho, ho mo otla ka ditebele, ba re ho yena: “Porofeta!” Le bona balebedi ba ne ba mo jabela.
Petrose o latola Jesu
(Mat. 26:69-75; Luka 22:56-62; Joh. 18:15-18,25-27)
66Yare ha Petrose a ntse a le katlase, lebaleng, le leng la makgabunyane a Moprista e Moholo la fihla. 67Ha le bona Petrose a ntse a ikomosa, la mo tadimisisa, la re:
“Le wena o no ena le Jesu wa Nasaretha.”
68A latola, a re: “Ha ke tsebe, ebile ha ke utlwisise seo o se bolelang!” Yaba o tswela kantle, o leba monyako, mme mokoko wa lla.
69Ha lekgabunyane leo le mmona, la boela la qala hape ho re ho ba neng ba eme moo: “Enwa ke e mong wa bona.” 70A latola hape.
Hamoraonyana, ba neng ba eme moo ba boela ba re ho Petrose: “Kannete o e mong wa bona, etswe o Mogalelea.”
71Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Ha ke tsebe motho eo le mmolelang.”
72Hanghang mokoko wa lla kgetlo la bobedi. Petrose a hopola polelo eo Jesu a neng a mmoleletse yona, e reng: “Mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” A lla habohloko.

Currently Selected:

MAREKA 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy