YouVersion Logo
Search Icon

MMIKIYA 5

5
1Wena Jerusalema,
kgobokanya bahlabani ba hao,
hobane re etseditswe thibella;
mmusi wa Iseraele ba tla mo otla,
ba mo otle ka thupa lerameng.
Mmusi ya tswang Betlelehema
2“Ha e le wena
Betlelehema Eferata,
leha o le monyenyane
hara meloko ya Juda,
ho wena
ho tla tswa mmusi wa Iseraele,
eo leloko la hae
le qalehileng kgale,
la qaleha mehleng ya baholoholo.”
3Kahoo Morena
o tla furalla Baiseraele,
a ba furalle
ho fihlela mosadi a beleha;
ke moo Baiseraele ba tla kgutla,
ho kgutle
Baiseraele ba phonyohileng,
ba kgutle,
ba ikopanye le bana babo bona.
4O tla ema,
a alose mohlape wa hae,
a o alose
ka matla a tswang ho Morena,
ka bitso le tlotlehang
la Morena Modimo wa hae.
Ba tla phela ba sireletsehile,
hobane boholo ba hae bo tla nama,
bo namele pheletsong tsa lefatshe.
5Yena e tla ba kgotso ya bona.
Asiria e a otlwa
Ha Asiria e futuha,
e futuhela naha ya rona,
qhobosheane tsa rona e di ripitla,
re tla e neella ka balaodi ba supile,
le ka mahosana a robedi a setjhaba.
6Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole,
le naha ya Nimerode
ka sabole e motsutswe;
mmusi ya tswang Betlelehema
o tla re namolela,
a re namolele matleng a Asiria
ha e futuhela naha ya rona,
e hwanka kahara meedi ya rona.
Masalla a Jakobo hara ditjhaba
7Masalla a Jakobo a tla ba teng,
a be teng hara ditjhaba tse ngata,
a be jwaloka phoka
e tswang ho Morena,
a be jwaloka medupe
e kolobisang jwang,
medupe e sa ke be
e laelwe ke motho,
kapa e emele
ho phetha thato ya motho.
8Masalla a Jakobo a tla ba teng,
a be teng hara ditjhaba,
a be teng hara merabe e mengata,
a be jwaloka tau
hara dibatana tsa meru,
a be jwaloka tawana
hara mehlape ya dinku,
tawana e fetang e harola, e tsekolla,
empa ho se ya ka pholoswang,
ya ka pholoswang tleneng tsa yona.
9Tsoho la hao
le tla phahamela hodimo,
le phahamele
hodima ba o lwantshang,
dira tsa hao tsohle di tla timetswa.
Medingwana e a fediswa
10“Mohla tsatsi leo,”
ho rialo Morena,
“ke tla bolaya dipere tsa lona,
ke robe dikariki tsa lona tsa ntwa.
11Ke tla heletsa
metse ya naha ya lona,
ke qhaqhe
qhobosheane tsohle tsa lona.
12Boloi ba lona ke tla bo fedisa,
le ho laola ha le sa tla laola.
13Medingwana ya lona
ke tla e pshatlaka,
le ditshiya tsa lona tse halalelang;
ha le sa tla hlola
le obamela mesebetsi ya lona,
e leng mesebetsi ya matsoho a lona.
14Tshiya tsa lona tsa Ashera
ke tla di koqola,
le metse ya lona ke e heletse.
15Ka bohale le ka kgalefo
ke tla iphetetsa,
ditjhaba tse sa mmameleng ke di otle.”

Currently Selected:

MMIKIYA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy