YouVersion Logo
Search Icon

MMIKIYA 4

4
Morena o tla busa tsohle ka kgotso
(Esa. 2:1-4)
1Mohla matsatsi a ho qetela,
thaba eo Tempele ya Morena
e hahilweng hodima yona,
e tla phahamela dithaba tsohle,
e phahamele le maralla wohle,
ditjhaba tsohle di phallele ho yona.
2Matjhabatjhaba a tla fihla,
a re: “Tloong,
re nyoloheleng thabeng ya Morena,
re nyoloheleng Tempeleng
ya Modimo wa Jakobo.
O tla re ruta ditaba tsa hae,
re tle re tsamaye tseleng tsa hae;”
kaha molao o tla tswa,
o tswe thabeng ya Sione,
ntswe la Morena le tswe Jerusalema.
3Morena o tla ahlola
a ahlolele tjhaba tse ngata,
a fedise ho se utlwane
hara tse ngata, tse hole;
sabole tsa tjhaba tseo
di tla etsa mehoma,
marumo a tsona di a etse disekele.
Tjhaba di ke ke tsa hlola
di nkelana disabole,
di ke ke tsa hlola
di itokisetsa dintwa.
4Motho ka mong o tla phomola
tlasa morara wa hae,
a phomole
tlasa sefate sa hae sa feiye;
ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa,
hobane Morena wa mabotho
o boletse jwalo.
5Tjhaba tsohle
di sebeletsa medimo ya tsona,
empa rona re tla sebeletsa Morena,
re sebeletse Modimo wa rona
kamehla le mehla.
Baiseraele ba tla kgutla bothopuweng
6“Mohla tsatsi leo,”
ho rialo Morena,
“ke tla bokella ba hlotsang,
ke phuthe ba qhalantsweng,
ke phuthe bao ke ba otlileng.
7Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla,
ba qhalantsweng
ke ba etse tjhaba se matla.
Morena o tla ba busa
a le Thabeng ya Sione,
a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo,
a ba buse kamehla le mehla.
8Ha e le wena, Tora ya Mohlape,
wena qhobosheane
ya Moradi wa Sione,
o tla buseletswa puso ya hao ya pele,
mmuso o kgutlele
ho Moradi wa Jerusalema.”
9Jwale wena o llelang hakaale?
Na ebe wena ha o na kgosi?
Na moeletsi wa hao o timetse,
ha e le moo o utlwa bohloko,
bohloko bo kang,
ba mahlaba a pelehi?
10Meneka, o bobole,
wena Moradi wa Sione,
o ke ya tshwerweng
ke mahlaba a pelehi,
jwale o tla tswa kahara motse,
o tswe, o yo aha nahathothe.
O tla tsamaya, o ye Babilona,
ke hona moo o tla pholoswa teng,
Morena o tla o lopolla
o le hona moo,
a o namolele
matsohong a dira tsa hao.
11Jwale tjhaba tse ngata di o dikile, di re:
“A Sione e ke e silafale,
re be re e bone ha e silafala!”
12Empa mehopolo ya Morena
ha ba e tsebe,
le morero wa hae ha ba o utlwisise,
yena ya ba bokeletseng
sa mangata seotlong.
13“Wena Moradi wa Sione,
tsoha, o pole!
Ke tla o kgwesa manaka a tshepe,
ke o rwese tlhako tsa lethose,
o tlo robokele tjhaba tse ngata.”
O tla nyehella Morena
ka kgapo ya hao,
o mo nyehelle ka leruo la tsona,
o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.

Currently Selected:

MMIKIYA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy