YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 9

9
Jesu o fodisa motho ya shweleng ditho
(Mar. 2:1-12; Luka 5:17-26)
1Jesu a kena ka sekepeng, a tshelela motseng wa habo. 2Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
3Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!”
4Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona? 5Hantle ho leng bonolo ke hofe, ha e le ho re: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa ho re: ‘Tsoha, o tsamaye?’ 6Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Tsoha, o nke diphate tsa hao, o ye hae!”
7A tsoha a ya hae. 8Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.
Jesu o bitsa Matheu
(Mar. 2:13-17; Luka 5:27-32)
9Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!”
Matheu a ema, mme a mo latela. 10Eitse ha Jesu a le dijong ka tlung, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ja le yena le barutuwa ba hae. 11Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?”
12Yena ha a utlwa, a re ho bona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. 13Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”
Potso ka tsa ho itima dijo
(Mar. 2:18-22; Luka 5:33-39)
14Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itimang dijo hangata, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”
15Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.
16“Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale, hobane setsiba se ka nathola seaparo, mme sa eketsa ho taboha. 17Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ya qhaleha, le wona makuka a senyeha, empa o ye a tshele veine e ntjha makukeng a matjha, mme bobedi ba tsona di bolokehe.”
Phodiso ya mosadi le tsoso ya morwetsana
(Mar. 5:21-43; Luka 8:40-46)
18Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.”
19Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae ba ya le yena.
20Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae, 21hobane o ne a re ka pelong: “Ha nka mpa ka ama seaparo sa hae, ke tla fola.”
22Jesu a reteleha, mme ha a mmona, a re: “Moradi, beta pelo, tumelo ya hao e o fodisitse.” Mosadi eo a fola ho tloha nakong yona eo.
23Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata, 24a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho. 25Yare ha batho ba ntsheditswe kantle, Jesu a kena a tshwara ngwanana ka letsoho, mme a tsoha. 26Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle.
Difofu di a foufollwa
27Ha Jesu a fetela pele, difofu tse pedi tsa mo latela, di ntse di howa, di re: “Mora Davida, re hauhele!”
28Yare ha a kena ka tlung, difofu tseo tsa tla ho yena, mme Jesu a re ho tsona: “Na le dumela hore nka etsa hoo?”
Tsa mo araba, tsa re: “E, Morena!”
29Yaba o ama mahlo a tsona, o re: “Le etsetswe ho ya ka tumelo ya lona!” 30Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”
31Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle.
Semumu se a bua
32Yare ha difofu di tswile, ha tliswa ho Jesu motho wa semumu ya nang le modemona. 33Hoba modemona o lelekwe, semumu sa bua. Matshwele a makala, a re: “Ha ho eso ka ho hlaha ntho e tjena Iseraeleng.”
34Empa Bafarisi ba ne ba re: “O leleka bademona ka morena wa bademona.”
Jesu o utlwela batho bohloko
35Jesu o ne a eya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta matlung a bona a thapelo, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle. 36Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa. 37Yaba o re ho barutuwa ba hae: “Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; 38ka baka leo, rapelang monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.”

Currently Selected:

MATHEU 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy