YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 10

10
Jesu o kgetha ba leshome le metso e mmedi
(Mar. 3:13-19; Luka 6:12-16)
1Hoba Jesu a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le a ho fodisa mafu le malwetse wohle.
2Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana: wa pele ke Simone ya bitswang Petrose, le Andrease ngwanabo, le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo, le 3Filipi le Baretholome, le Thomase le Matheu molekgetho, le Jakobo mora wa Alefiose le Thadaose, le 4Simone Motjhesehi le Judase Isekariota, ya bileng a eka Jesu.
Thomo ya ba leshome le metso e mmedi
(Mar. 6:7-13; Luka 9:1-6)
5Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria; 6le mpe le ye dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele. 7Le ye, le ntse le phatlalatsa, le re: ‘Mmuso wa mahodimo o atametse.’ 8Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela. 9Le se ke la nka tjhelete ya kgauta, ya silefera, kapa ya lethose dipatjheng tsa lona. 10Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.
11“Motseng kapa motsaneng ofe le ofe oo le kenang ho wona, le batle ya ka le amohelang, mme le hlole teng ho fihlela le tloha. 12Ha le kena ka tlung, le dumedise; 13haeba ntlo eo e hlile e lokela, kgotso ya lona e be ho yona; athe ha e sa lokele, kgotso ya lona e kgutlele ho lona. 14Ha mang kapa mang a sa le amohele le ho mamela dipolelo tsa lona, tswang tlung eo kapa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona. 15Ruri ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa fatshe la Sodoma le Gomora di tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.”
Ditlhoriso tse tlang
(Mar. 13:9-13; Luka 21:12-17)
16“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba. 17Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo. 18Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene. 19Ha ba neelana ka lona, le se ke la itshwenya ka hore na le tla bua jwang, le reng. Ka yona nako eo le tla newa hore na le reng, 20hobane ho tla be ho sa bue lona, empa e tla be e le Moya wa Ntata lona o buang ka lona.
21“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe. 22Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa. 23Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle.
24“Morutuwa ha a kahodimo ho moruti wa hae, le lekgoba ha le kahodimo ho monga lona. 25Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!”
Ya lokelang ho tshajwa
(Luka 12:2-7)
26“Ka baka leo, le se ke la ba tshaba, hobane ha ho letho le kwahetsweng le ke keng la kwahollwa, le le patilweng le ke keng la tsejwa. 27Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa, le se phatlalatse le le hodima dihlohlolo. 28Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng. 29O ka reka dirobele tse pedi ka sente, empa ha ho le se seng se ka welang fatshe Ntata lona a sa tsebe. 30Ha e le lona, esita le diqoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. 31Kahoo le se ke la tshaba; lona le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.”
Ho paka Kreste pela batho
(Luka 12:8,9)
32“Mang le mang ya mpakang pela batho, le nna ke tla mo paka pela Ntate ya mahodimong, 33empa ya ntatolang pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.”
Ha ke a tlisa kgotso
(Luka 12:51-53; 14:26-27)
34“Le se ke la hloma eka ke tlisitse kgotso lefatsheng; ha ke a tlisa kgotso, ke tlisitse sabole.
35“Ke tlile ho qabanya
mora le ntatae,
moradi le mmae,
ngwetsi le matsalayo,
36mme ba ntlo ya motho
e tla ba dira tsa hae.
37“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele, 38mme ya sa nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntokele. 39Ya qenehelang bophelo ba hae bo tla mo senyehela, athe ya senyehelwang ke bophelo ka baka la ka o tla bo fumana.”
Meputso
(Mar. 9:41)
40“Ya le amohelang o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng. 41Ya amohelang moporofeta kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta, mme ya amohelang ya lokileng kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng. 42Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”

Currently Selected:

MATHEU 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy