YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 7

7
Ho ahlola ba bang
(Luka 6:37,38,41,42)
1“Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola, 2hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.
3“O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao? 4Kapa o ka re jwang ho ngwaneno: ‘Ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao,’ athe sekoqo ke seo ka leihlong la hao? 5Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.
6“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”
Kopang, batlang, kokotang
(Luka 11:9-13)
7“Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa, 8hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa.
9“Ekaba ke mang ho lona, eo ekareng ha mora wa hae a mo kopa bohobe, yaba o mo fa lejwe? 10Kapa ha a mo kopa tlhapi, ebe o mo fa noha? 11Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fana ka tse molemo ho bana ba lona, Ntata lona ya mahodimong o tla fana haholo hakaakang ka tse molemo ho ba mo kopang? 12Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.”
Kgoro e patisaneng
(Luka 13:24)
13“Kenang ka kgoro e patisaneng, hobane kgoro e isang timelong e hebehebe, le tsela e yang teng e sephara, mme ba kenang ka yona ba bangata, 14empa kgoro e isang bophelong e patisane, le tsela e yang teng e boima, mme ba e fumanang ha ba bakae.”
Sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona
(Luka 6:43,44)
15“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang. 16Le tla ba tseba ka diketso tsa bona. Na batho ba ke ba kge morara meutlweng, kapa difeiye hlabahlabaneng? 17Ka mokgwa o jwalo, sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate, empa sefate se sebe se beha ditholwana tse mpe. 18Sefate se monate se sitwa ho beha ditholwana tse mpe, le ha e le sefate se sebe ho beha ditholwana tse monate. 19Sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se ye se rengwe, se lahlelwe mollong. 20Ka hona le tla ba tseba ka diketso tsa bona.”
Ha ke a ka ka le tseba
(Luka 13:25-27)
21“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. 22Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho nna: ‘Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa diketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?’ 23Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ”
Metheo e mmedi
(Luka 6:47-49)
24“Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa. 25Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, empa ha ya ka ya wa, hobane e ne e theilwe hodima letlapa. 26Athe mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a sa di phethe, o tla tshwantshwa le motho ya sethoto, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng. 27Sekgohola sa fihla, diphororo tsa matha, meya ya puka, ya kgahlela ntlo eo, yaba e a wa, mme ho wa ha yona ya eba ho tshabehang.”
28Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae, 29hobane o ne a ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao tsa bona.

Currently Selected:

MATHEU 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy