YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 23

23
Jesu o nyatsa Ditsebi tsa Molao le Bafarisi
(Mar. 12:38-40; Luka 11:37-52; 20:45-47)
1Yaba Jesu o bua le matshwele le barutuwa ba hae, 2o re: “Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba dutse setulong sa Moshe. 3Ka baka leo, phethang, le hlokomele tsohle tseo ba le bolellang tsona, empa le se ke la ba etsisa, hobane ba bua feela, empa ba sa etse. 4Ba tlama mejaro e boima, ba e bee hodima mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utlwisise ho e thetsa le ka monwana.
5“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona, 6ba rata ditulo tse kapele meketeng, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, 7le ho dumediswa mabaleng a metse, le ho bitswa ‘Moruti’ ke batho.
8“Empa lona le se ke la bitswa ‘Moruti,’ hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho. 9Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho ‘Ntata lona,’ hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong. 10Le se ke la bitswa ‘Batsamaisi,’ hobane le na le Motsamaisi a le mong, e leng Kreste. 11E moholo ho lona e tla ba mosebeletsi wa lona. 12Ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.
13“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena. 14Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.
15“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.
16“Le madimabe lona batsamaisi ba foufetseng, ba reng: ‘Ha motho a hlapanya ka Tempele, tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka kgauta ya Tempele, o tlangwa ke tlhapanyo eo.’ 17Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo? 18Hape le re: ‘Ha motho a hlapanya ka aletare tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka mpho e aletareng, o tlangwa ke tlhapanyo eo.’ 19Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo? 20Ka baka leo, ya hlapanyang ka aletare, o hlapanya ka aletare eo le ka tsohle tse ka ho yona; 21ya hlapanyang ka Tempele o hlapanya ka yona le ka ya ahileng ho yona, 22mme ya hlapanyang ka lehodimo o hlapanya ka terone ya Modimo, le ka ya dutseng hodima yona.
23“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le ntsha karolo ya leshome ya kwena, tenane le sepaile, feela le tlohetse dintho tsa bohlokwa tsa Molao: Toka, mohau le botshepehi. Le ne le tshwanela ho etsa tsena, feela le sa lebale tseo. 24Batsamaisi ting ba difofu, ba okolang monwang, empa ba metseletse kamele!
25“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hlwekisa bokantle ba mohope le sejana, empa kahare di tletse tsa boshodu le ho hloka boitshwaro. 26Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.
27“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle. 28Le lona le jwalo: kantle le tadimeha le lokile, athe kahare le tletse boikaketsi le bokgopo.
29“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hahela baporofeta mabitla; le kgabisa diemahale tsa mabitla a ba lokileng, 30mme le re: ‘Hoja ebe re phetse mehleng ya bontata rona, re ka be re sa ka ra ba le kabelo le bona polaong ya baporofeta.’ 31Ka baka leo, le a ipaka hore le bara ba babolai ba baporofeta. 32E, qetelang seo bontata lona ba se qadileng!
33“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang? 34Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle; 35hore madi wohle a ba lokileng a tsholotsweng lefatsheng a botswe ho lona ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho ya fihla ho a Sakariya, mora Barakiase, eo le neng le mmolaele pakeng tsa sehalalelo le aletare. 36Ruri ke a le bolella hore tsena tsohle di tla botswa ho moloko ona.”
Jesu o llela Jerusalema
(Luka 13:34,35)
37“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana! 38Bonang, ntlo ya lona e tla sala e le dithako. 39Ke a o bolella hore ho tloha jwale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: ‘Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!’ ”

Currently Selected:

MATHEU 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy