YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 20

20
Basebetsi tshimong ya morara
1“Mmuso wa mahodimo o tshwana le monga tshimo ya ileng a tsoha kameso ho ya batla batho ba tla sebetsa tshimong ya hae ya morara. 2Hoba a dumellane le basebetsi hore moputso e tla ba denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya morara.
3“Ha e batla e eba hora ya borobong hoseng, a tswa, a bona banna ba bang ba eme lebaleng la motse ba sa etse letho; 4a re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara, mme ke tla le nea ho le lokelang.’ 5Ba ya.
“Ha e batla e eba hora ya leshome le metso e mmedi, a boela a tswa, a etsa jwaloka pele; le ka hora ya boraro a etsa jwalo. 6Ha e batla e eba hora ya bohlano motsheare wa mantsiboya, a tswa, a fumana ba bang ba eme, a re ho bona: ‘Le emetseng moo letsatsi lohle le sa etse letho?’
7“Ba re ho yena: ‘Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.’
“A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’
8“Mantsiboya monga tshimo ya morara a re ho mookamedi wa mosebetsi wa hae: ‘Bitsa basebetsi, o ba lefe meputso ya bona, ho qala ka ba ho qetela ho isa ho ba pele.’
9“Ba qadileng ho sebetsa ha e batla e eba hora ya bohlano ba tla, ba amohela denare e mong le e mong. 10Ba pele ba tla, ba hopola hore ba tla amohela ho fetang hoo, empa e mong le e mong a amohela denare. 11Ba e amohela ba ntse ba korotlela monga tshimo, 12ba re: ‘Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.’
13“A araba e mong wa bona, a re: ‘Monna heso, ha ke o tlatlape. Na ha re a dumellana ka denare? 14Nka moputso wa hao, o ikele; ke rata ho fa monna enwa wa ho qetela jwalokaha ke o file. 15Na ha ke na tokelo ya ho etsa seo ke se ratang ka seng sa ka? Kapa o mona ha ke fana?’
16“Ka mokgwa o jwalo ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.”
Jesu o bua ka lefu le tsoho ya hae kgetlo la boraro
(Mar. 10:32-34; Luka 18:31-34)
17Jesu ha a nyolohela Jerusalema a ya le barutuwa ba leshome le metso e mmedi boinotshing, mme ha ba le tseleng a bua le bona, a re: 18“Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa matsohong a baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tla mo ahlolela lefu, 19ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.”
Kopo ya mohatsa Sebedea
(Mar. 10:35-45)
20Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong.
21Jesu a re ho yena: “O batlang?”
A re ho yena: “Laela hore Mmusong wa hao bara bana ba ka ba babedi ba tle ba dule, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.”
22Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?”
Ba re ho yena: “Re ka se nwa.”
23A re ho bona: “Ha e le senwelo sa ka le tla se nwa, empa ha e le ho dula ka letsohong la ka le letona kapa ka ho le letshehadi hase nna ya ka fanang ka hona, ke ha ba ho lokiseditsweng ke Ntate.”
24Ha barutuwa ba hae ba leshome ba utlwa hoo, ba halefela bara bao ba babedi. 25Yaba Jesu o a ba bitsa, o re: “Le a tseba hore babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba di tshwara ka thata. 26Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, 27mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona. 28Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”
Phodiso ya difofu tse pedi
(Mar. 10:46-52; Luka 18:35-43)
29Ha ba tloha Jeriko letshwelehadi la latela Jesu. 30Difofu tse pedi, tse neng di dutse pela tsela, ha di utlwa hore Jesu o a feta, tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”
31Letshwele la di kgalemela hore di thole, empa tsa eketsa tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”
32Jesu a ema, a di bitsa, a re: “Le rata ha ke le etsetsa eng?”
33Tsa re ho yena: “Morena, re batla ho foufollwa.”
34Jesu a di utlwela bohloko, a ama mahlo a tsona; hanghang tsa bona, mme tsa mo latela.

Currently Selected:

MATHEU 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy