YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 2

2
Ketelo ya Ba Bohlale Ba Botjhabela
1Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela, 2ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”
3Yare ha kgosi Heroda a utlwa, a ferekana hammoho le ba Jerusalema kaofela, 4mme hoba a bokelle baprista ba baholo bohle le Ditsebi tsa Molao tsa setjhaba, a ba botsa moo Kreste a loketseng ho tswallwa teng. 5Ba re ho yena: “Betlelehema e Judea, hobane ho ngotswe jwalo ke moporofeta, ha a re:
6“ ‘Ha e le wena, Betlelehema,
e naheng ya Juda,
ha o hlile ha o monyenyane haholo,
ha o monyenyane
hara batsamaisi ba Juda,
hobane ho wena ho tla tswa
motsamaisi ya tla alosa Iseraele,
setjhaba sa ka.’ ”
7Yaba Heroda o bitsa Ba Bohlale bao ka lekunutu, a ba botsisisa nako eo naledi e hlahileng ka yona, 8a nto ba romela Betlelehema, a re: “Eyang, le batlisise tsa ngwana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke yo mo kgumamela.”
9Yare hoba ba utlwe puo ya kgosi ba tsamaya, mme naledi eo ba e boneng e hlaha ya ba etella pele ho fihlela e ema hodima moo ngwana a neng a le hona teng. 10Jwale ha ba bona naledi ba thaba haholo. 11Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira. 12Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.
Josefa o balehela Egepeta
13Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”
14A tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a tshabela Egepeta, 15mme a hlola teng ho fihlela Heroda a eshwa; e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Ke bitsitse mora wa ka hore a tswe Egepeta.”
Polao ya masea
16Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale. 17Ya eba moo ho phethahalang ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:
18“Mohoo o utlwahetse Rama:
seboko le sello sa mmokotsane;
Ragele o llela bana ba hae,
mme o hana ho tshediseha,
hobane ha ba sa le yo.”
Josefa o kgutla Egepeta
19Hoba Heroda a shwe, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa, torong, Egepeta, 20la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”
21Josefa a tsoha, a nka ngwana le mmae, a boela naheng ya Iseraele. 22Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea, 23a ya aha motseng o bitswang Nasaretha, e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke baporofeta hore o tla bitswa Monasaretha.

Currently Selected:

MATHEU 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy