YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 1

1
Leloko la Jesu Kreste
(Luka 3:23-38)
1Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama. 2Aborahama a tswala Isaka, Isaka a tswala Jakobo, Jakobo a tswala Juda le bana babo, 3Juda a tswala Farese le Sara ka Tamare, Farese a tswala Heserone, Heserone a tswala Arame, 4Arame a tswala Aminadabe, Aminadabe a tswala Nashone, Nashone a tswala Salema, 5Salema a tswala Boase ka Rahaba, Boase a tswala Obede ka Ruthe, Obede a tswala Jese, 6Jese a tswala kgosi Davida.
Davida a tswala Solomone ka mohatsa Uriya, 7Solomone a tswala Roboame, Roboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa, 8Asa a tswala Jehoshafate, Jehoshafate a tswala Jorame, Jorame a tswala Usiya, 9Usiya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekia, 10Hesekia a tswala Manase, Manase a tswala Amose, Amose a tswala Josiya, 11Josiya a tswala Jekoneya le bana babo ka nako ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona.
12Jwale, kamora ho fallisetswa ha bona Babilona, Jekoneya a tswala Salatiele, Salatiele a tswala Sorobabele, 13Sorobabele a tswala Abihude, Abihude a tswala Eliakime, Eliakime a tswala Asore, 14Asore a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Akime, Akime a tswala Eleude, 15Eleude a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Matane, Matane a tswala Jakobo, 16Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste.
17Ha ho le jwalo, meloko yohle, ho tloha ho Aborahama ho isa ho Davida e bile leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona, meloko e leshome le metso e mene; mme ho tloha nakong ya ho fallisetswa ha bona Babilona ho isa ho Kreste, meloko e leshome le metso e mene.
Tswalo ya Jesu Kreste
(Luka 2:1-7)
18Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang. 19Erekaha Josefa, mohatsa Maria, a ne a lokile, mme a sa rate ho mo hobosa, a rera ho mo hlala ka lekunutu.
20Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang; 21o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”
22Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re:
23“Bonang, morwetsana o tla emola,
a tswale mora,
mme mora eo o tla rewa
lebitso la Emmanuele,”
e leng ho re: Modimo o na le rona.
24Ha Josefa a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng, a inkela mohatsa hae; 25mme ha a a ka a kena dikobong tsa hae ho fihlela a beleha mora; Josefa a mo rea lebitso la Jesu.

Currently Selected:

MATHEU 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy