YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 13

13
Setshwantsho sa mojadi
(Mar. 4:1-9; Luka 8:4-8)
1Hona tsatsing leo Jesu a tswa ka tlung, a ya dula pela letsha. 2Matshweletshwele a mo kgobokanela, hoo a bileng a kena ka sekepeng; a dula teng, letshwele lohle le le lebopong. 3A le bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re:
“Mojadi o ile a tswa ho ya jala. 4Ha a ntsa jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja. 5E nngwe ya wela mokurutlaneng, moo ho se nang mobu o mongata. Ya phakisa ya mela, hobane mobu o ne o sa teba, 6empa hoba letsatsi le tjhabe, la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba. 7E nngwe ya wela hara meutlwa, mme meutlwa ya hola, ya e bipetsa. 8Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.
9“Ya nang le ditsebe a utlwe.”
Sepheo sa ditshwantsho
(Mar. 4:10-12; Luka 8:9,10)
10Barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang o buang le bona ka ditshwantsho?”
11A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa. 12Ya nang le letho o tla ekeletswa, a be a hafe ka nkatana, empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona. 13Ke ka baka lena ke buang le bona ka ditshwantsho, hobane leha ba bona, ha ba bone, mme leha ba utlwa, ha ba utlwe, leha e le ho utlwisisa. 14“Ke moo ho phethahalang ho bona boporofeta ba Esaya bo reng:
“ ‘Ho utlwa le tla utlwa,
empa le ke ke la utlwisisa;
ho sheba le tla sheba,
empa le ke ke la bona.
15Dipelo tsa setjhaba sena
di thotofetse,
mme ditsebe tsa sona di thibane,
se itutubaditse mahlo,
esere mohlomong
sa bona ka mahlo a sona
sa utlwa ka ditsebe tsa sona,
sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.’
16“Empa lona le lehlohonolo kahobane mahlo a lona a a bona, le ditsebe tsa lona di a utlwa. 17Etswe ruri ke a le bolella, baporofeta le ba lokileng ba bangata ba ne ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba a ka ba se bona, le ho utlwa seo le se utlwang, empa ha ba a ka ba se utlwa.”
Jesu o qaqisa setshwantsho sa mojadi
(Mar. 4:13-20; Luka 8:11-15)
18“Ha ho le jwalo, lona, utlwang setshwantsho sa mojadi. 19Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng. 20Peo e jetsweng mokurutlaneng ke ya utlwang lentswe, a phakise a le amohele ka thabo, 21empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha. 22Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope. 23Peo e jetsweng mobung o motle ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisise. Enwa ke yena ya behang tse lekgolo, kapa tse mashome a tsheletseng, kapa tse mashome a mararo.”
Setshwantsho sa mofoka
24Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae. 25Yare ha ho robetswe, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, mme sa ikela. 26Ha lekgaba le se le metse, le bile le tswetse, mofoka le wona wa bonahala.
27“Basebeletsi ba monga tshimo ba tla ho yena, ba re: ‘Monghadi, na o ne o sa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale mofoka o tswa kae?’
28“A re ho bona: ‘Hono ho entswe ke sera.’
“Basebeletsi ba re ho yena: ‘Jwale na o rata hore re yo o fothola?’
29“A re: ‘Tjhe, esere ha le fothola mofoka la fotholella le koro. 30Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”
Setshwantsho sa tlhaku ya mosetareta
(Mar. 4:30-32; Luka 13:18,19)
31Jesu a ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala tshimong ya hae. 32Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”
Setshwantsho sa tomoso
(Luka 13:20,21)
33A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”
Sepheo sa ditshwantsho
(Mar. 4:33,34)
34Tseo tsohle Jesu a di bolella matshwele ka ditshwantsho, mme o ne a sa a bolelle letho haese ka ditshwantsho; 35e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re:
“Ke tla bua le bona
ka ditshwantsho,
ke bolele tse neng di patehile
haesale fatshe le thewa.”
Jesu o qaqisa setshwantsho sa mofoka
36Yaba Jesu o tloha hara matshwele, o kena ka tlung. Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Ako re qaqisetse setshwantsho sa mofoka o tshimong.”
37A ba araba, a re: “Ya jalang peo e ntle ke Mora Motho. 38Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bao e leng bana ba Mmuso wa Modimo, mofoka ke bana ba E Mobe. 39Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi.
40“Jwalokaha mofoka o ye o fotholwe, o tjheswe mollong, ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale. 41Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo; 42a tla ba lahlela seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno. 43Mohlang oo ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi Mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe a utlwe.”
Setshwantsho sa letlotlo le patilweng
44“Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.”
Setshwantsho sa mabenyane a bohlokwa
45“Hape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le mohwebi ya batlang mabenyane a bohlokwa, 46eo ereng hoba a fumane le leng la bohlokwahadi, a yo rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a le reke.”
Setshwantsho sa letlowa
47“Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta, 48leo ereng ha le se le tletse, batshwasi ba le hulele lebopong, ba dule fatshe, ba hlwaele tse ntle ka dipitseng, tse mpe tsona ba di lahle. 49Ho tla ba jwalo bofelong ba mehla ya jwale; mangeloi a tla tla a kgethe ba kgopo ho ba lokileng, 50a ba lahlele seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.”
Matlotlo a matjha le a kgale
51Jesu a ba botsa, a re: “Na le utlwisisa tsee tsohle?”
Ba re ho yena: “E.”
52A re ho bona: “Ka baka leo, Setsebi se seng le se seng sa Molao se rutilweng tsa Mmuso wa mahodimo se tshwana le monga ntlo ya ntshang tse ntjha le tsa kgale letlotlong la hae.”
Jesu o hanwa Nasaretha
(Mar. 6:1-6; Luka 4:16-30)
53Yare hoba Jesu a qete ho bolela ditshwantsho tsena, a tloha moo, 54a fihla motseng wa habo, mme a rutela batho tlung ya bona ya thapelo, hoo ba ileng ba hlollwa, mme ba re: “Bohlale boo le diketso tsee tse hlollang, eo o di nka kae? 55Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda? 56Na dikgaitsedi tsa hae tsohle ha di hara rona moo? Ha ho le jwalo, tsena tsohle yena o di nka kae?”
57Ba kgopiseha ke yena.
Jesu a re ho bona: “Moporofeta o hlomphuwa hohle haese motseng wa habo le tlung yabo feela.” 58Moo teng ha a ka a etsa diketso tse matla, tse hlollang, ka baka la ho se dumele ha bona.

Currently Selected:

MATHEU 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy