YouVersion Logo
Search Icon

MATHEU 12

12
Barutuwa ba kga matshohlo ka Sabatha
(Mar. 2:23-28; Luka 6:1-5)
1Ka nako eo, Jesu a feta hara masimo a koro e le ka Sabatha. Barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga matshohlo, ba a ja. 2Yare ha Bafarisi ba bona hona ba re ho yena: “Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellwang ka Sabatha.”
3A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona; 4kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela? 5Kapa na ha le a ka la bala Molaong hore baprista ba tlola molao wa Sabatha Tempeleng ka Disabatha, empa ha ba na molato? 6Ke a le bolella, mona ho teng ho fetang Tempele ka boholo. 7Hoja le ne le tsebile hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo,’ le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato. 8Mora Motho ke morena wa Sabatha.”
Motho ya shweleng letsoho
(Mar. 3:1-6; Luka 6:6-11)
9Jesu ha a tloha moo a kena ka tlung ya bona ya thapelo. 10Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”
11A re ho bona: “Ekaba ke mang ho lona, ya nang le nku e le nngwe, eo ekareng ha e wetse ka lenkwaneng ka Sabatha, a ke keng a e tshwara, a e nyolla? 12Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.”
13Yaba o re ho motho eo: “Otlolla letsoho la hao!”
A le otlolla, la fola, mme la boela la loka jwaloka le leng. 14Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.
Mohlanka eo Modimo a mo kgethileng
15Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle, 16a ba laya hore ba se ke ba etsa hore a tsejwe; 17e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:
18“Bonang, mohlanka wa ka
eo, ke mo kgethileng ke eo,
moratuwa wa ka ya nkgahlang!
Ke theoletse Moya wa ka
hodima hae,
o tla tlisetsa ditjhaba toka.
19A ke ke a nganga,
leha e le ho peroha,
lentswe la hae
le ke ke la utlwahala diterateng.
20A ke ke a roba lehlaka
le tenyetsehileng,
le lebone le taitsang
a ke ke a le tima,
ho fihlela a etsa hore toka e hlole.
21Ditjhaba di tla tshepa,
di tshepe lebitso la hae.”
Jesu le Beele-Sebule
(Mar. 3:20-30; Luka 11:14-23; 12:10)
22Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona. 23Matshwele kaofela a hlollwa, a re: “Na eo hase Mora Davida?”
24Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”
25Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang. 26Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang? 27Haeba nna ke leleka bademona ka Beele-Sebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo, e tla ba bona baahlodi ba lona. 28Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.
29“Kapa motho a ka kena jwang ka tlung ya seqhobane, a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo?
30“Ya sa emang le nna o a ntwantsha, mme ya sa bokelleng le nna o a qhalanya. 31Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa. 32Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.”
Sefate le ditholwana tsa sona
(Luka 6:43-45)
33“Haeba sefate se le monate, le ditholwana tsa sona di monate, empa haeba sefate se le sebe, le ditholwana sa sona di mpe, hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona. 34Lona madinyane a marabe, le ka bolela jwang tse lokileng le le kgopo tjee? Molomo o bolela se tletseng ka pelong. 35Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe. 36Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo, 37hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.”
Ba batla sesupo
(Mar. 8:11,12; Luka 11:29-32)
38Yaba tse ding tsa Ditsebi tsa Molao le ba bang ba Bafarisi ba a araba, ba re: “Moruti, re rata ho bona sesupo se tswang ho wena.”
39Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase. 40Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo. 41Mohla kahlolo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ya fetang Jonase. 42Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.”
Ho kgutla ha moya o ditshila
(Luka 11:24-26)
43“Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane. 44Ebe o re: ‘Ke tla kgutlela tlung ya ka, moo ke tswileng teng.’ Jwale ha o fihla, o e fumana e le lephaka, e fietswe, e kgabisitswe. 45Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”
Bana babo Jesu le mmae
(Mar. 3:31-35; Luka 8:19-21)
46Ha Jesu a ntse a bua le matshwele, mmae le bana babo Jesu ba ne ba eme kantle, ba batla ho bua le yena. 47Motho e mong a re ho yena: “Mmao le bana beno ke bana ba eme kantle, ba batla ho bua le wena.”
48Empa Jesu a araba ya mmolellang, a re: “Mme ke mang? Bana beso ke bo-mang?” 49Yaba o otlolella letsoho ho barutuwa ba hae, o re: “Bonang! Mme le bana beso ke bana. 50Mang kapa mang ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.”

Currently Selected:

MATHEU 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy