YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 5

5
Jesu o bitsa barutuwa ba pele
(Mat. 4:18-22; Mar. 1:16-20)
1Eitse ha letshwele le patisitse Jesu ho mamela lentswe la Modimo, a eme lebopong la letsha la Genesareta, 2a bona dikepe tse pedi di eme lebopong la letsha, batshwasi ba ditlhapi ba tswile ka ho tsona ba hlatswa matlowa a bona. 3A kena ka ho se seng sa dikepe, e leng sa Simone, a mo kopa hore a se sesisetse sebakana le lebopo; hoba a dule, a ruta matshwele a le ka sekepeng.
4Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: “Sesisetsa kweetseng, le lepeletse matlowa a lona, le tshwase.”
5Simone a araba, a re: “Monghadi, re sebeditse ka thata bosiu bohle re sa tshwase letho, empa ho ya ka polelo ya hao ke tla lepeletsa matlowa.”
6Hoba ba etse jwalo ba tshwasa ditlhapi tse ngata haholo; matlowa a bona a ba a batla a taboha. 7Ba hwehla balekane ba ka sekepeng se seng hore ba tlo ba thusa; ba tla, mme dikepe tsa tlala bobedi ba tsona, hoo di ileng tsa batla di teba.
8Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!” 9A rialo hobane yena le bohle bao a nang le bona ba hloletswe ka baka la tshwaso ya ditlhapi tseo ba di tshwasitseng. 10Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, e leng Jakobo le Johanne, bao e neng e le balekane ba Simone.
Jesu a re ho Simone: “Se tshabe; ho tloha jwale o tla ba motshwasi wa batho.” 11Hoba ba hulele dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, mme ba mo latela.
Jesu o fodisa molepera
(Mat. 8:1-4; Mar. 1:40-45)
12Yare ha Jesu a le ho o mong wa metse, monna ya tletseng lepera, ha a mmona, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo kopa, a re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”
13Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Yaba lepera le tloha ho yena hanghang.
14Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”
15Empa taba ya hae ya nna ya phatlalla, mme matshwelehadi a phuthehela ho tla mo mamela le ho fodiswa malwetseng a wona. 16Yena a ikela nahathothe, mme a rapela.
Jesu o fodisa motho ya shweleng ditho
(Mat. 9:1-8; Mar. 2:1-12)
17Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena. 18Banna ba nkileng monna ya shweleng ditho ka diphate, ba leka ho mo kenya le ho mmea kapele ho Jesu. 19Ka ho hloka mokgwa wa ho mo kenya ka baka la letshwele, ba hlwella kahodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo lepelletsa kahare, kapele ho Jesu, a ntse a le diphateng.
20Ha a bona tumelo ya bona, a re: “Monna, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
21Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”
22Empa Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a ba araba, a re: “Le hopolang ka dipelong tsa lona? 23Ho bonolo ho feta ke hofe, ha e le ho re: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa e le ho re: ‘Ema, o tsamaye’? 24Empa hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe,” a re ho ya shweleng ditho: “Ke re ho wena: Ema, nka diphate tsa hao, eya tlung ya hao!” 25Hanghang a ema ba ntse ba mmona, a nka seo a neng a robetse ho sona, a ya tlung ha hae a ntse a tlotlisa Modimo. 26Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”
Pitso ya Levi
(Mat. 9:9-13; Mar. 2:13-17)
27Kamora tsena Jesu a tswa, mme a bona molekgetho ya bitswang Levi a dutse tlung ya lekgetho, a re ho yena: “Ntatele!” 28A tlohela tsohle, a ema, a mo latela.
29Levi a mo etsetsa mokete o moholo ka tlung ya hae: ho ne ho ena le sehlophahadi sa balekgetho le ba bang ba dutse ba eja le bona. 30Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”
31Jesu a ba araba, a re: “Ba sa kuleng ha ba hloke ngaka, empa e hlokwa ke ba kulang. 32Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.”
Potso ka tsa ho itima dijo
(Mat. 9:14-17; Mar. 2:18-22)
33Jwale ba re ho Jesu: “Barutuwa ba Johanne ba itima dijo kgafetsa, mme ba etsa merapelo, le ba Bafarisi ba etsa jwalo, empa ba hao ba a ja, mme ba a nwa.”
34Jesu a re ho bona: “Na le ka re baetsana ba itime dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? 35Empa ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba tla itima dijo matsatsing ao.”
36A ba bolella le setswantsho, a re: “Ha ho ya tabolang setsiba seaparong se setjha, mme a se rokelle seaparong sa kgale, esere seaparo se setjha sa taboha, mme setsiba se setjha sa se ke sa dumellana le seaparo sa kgale. 37Ha ho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere veine e ntjha ya phatlola makuka, yona ya qhaleha, makuka a senyeha, 38empa veine e ntjha e tshwanetse ho tshelwa makukeng a matjha. 39Ha ho eo ekareng ha a nwele veine ya kgale, ebe o lakatsa e ntjha, hobane o re: ‘Ya kgale e monate ho feta.’ ”

Currently Selected:

LUKA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy