YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 4

4
Jesu o a lekwa
(Mat. 4:1-11; Mar. 1:12,13)
1Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng, 2a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa.
3Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!”
4Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’ ”
5Hoba a mo nyollele hodimo, a mo supisa mebuso yohle ya lefatshe ka motsotswana. 6Yaba Diabolosi o re ho yena: “Ke tla o fa matla ana wohle le maruo a mebuso eo, hobane ke e filwe, mme ke e fa mang le mang eo ke ratang ho mo fa yona; 7ka baka leo, haeba o nkgumamela, e tla ba ya hao yohle.”
8Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘O tla kgumamela Morena
Modimo wa hao,
o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
9Jwale a mo isa Jerusalema, a mmea tlhorong ya Tempele, a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, itihele fatshe ho tloha mona, 10hobane ho ngotswe, ho thwe:
“ ‘O tla laela mangeloi a hae
hore a o sireletse,’
11ho bile ho thwe:
‘A tla o kgakeletsa ka diatla,
esere leoto la hao
la kgoptjwa ke lejwe.’ ”
12Jesu a araba, a re ho yena: “Ho itswe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao!”
13Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana.
Jesu o qala tshebetso ya hae Galelea
(Mat. 4:12-17; Mar. 1:14,15)
14Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle. 15A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle.
Jesu o hanwa Nasaretha
(Mat. 13:53-58; Mar. 6:1-6)
16A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale. 17A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe:
18“Moya wa Morena o hodima ka
hobane a ntlotseditse
ho bolella mafutsana
molaetsa o molemo,
o nthometse
ho phatlalletsa bathopuwa
tsa tokoloho,
le difofu hore di tla tutuboloha,
le ho lokolla ba hateletsweng,
19le ho phatlalatsa lemo sa Morena
sa mehauhelo.”
20Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae. 21A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.”
22Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”
23A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: ‘Ngaka, iphekole!’ Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.”
24Jwale a re: “Ruri ke a le bolella, ke re: Ha ho moporofeta ya amohelehang motseng wa habo.
25“Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle. 26Empa Elia ha a a ka a romelwa le ho ya mong wa bona, haese ho mosadi wa mohlolohadi, Sarepeta, naheng ya Sidone. 27Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.”
28Bohle ba ka tlung ya thapelo ba tlala kgalefo ha ba utlwa tsena, 29ba ba ba ema, ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thabana eo motse wa bona o hahilweng letswapong la yona, ba re ba a mo dihela, 30empa yena a phunyeletsa hara bona, a ikela.
Motho ya nang le moya o ditshila
(Mar. 1:21-28)
31A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha, 32mme batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane mantswe a hae a ne a ena le matla.
33Ho ne ho ena le monna ka tlung ya thapelo ya nang le moya o ditshila wa modemona; a howa ka lentswe le matla, a re: 34“Wee! O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: o Ya Halalelang wa Modimo.”
35Jesu a mo kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yaba modemona o tabanya motho eo fatshe hara batho, o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi.
36Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?” 37Jesu a tumiswa dibakeng tsohle tsa tikoloho eo.
Jesu o fodisa batho ba bangata
(Mat. 8:14-17; Mar. 1:29-34)
38Yare hoba a tswe ka tlung ya thapelo, a kena ha Simone. Jwale mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke feberu e bohale, yaba ba mo kopela thuso ho Jesu, 39Jesu a inamela ho yena, a kgalemela feberu, mme ya mo tlohela; a tsoha hanghang, a nto ba sebeletsa.
40Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa. 41Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.
Jesu o a ruta
(Mar. 1:35-39)
42Yare ha bo sele Jesu a tswa, a ya nahathothe, mme matshwele a mmatla, a tla ho yena, a mo thiba, hore a se ke a tloha ho wona. 43A re ho wona: “Eka kgona le metse e meng ke e bolelle molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo, hobane ke rometswe hoo.”
44O ne a ruta ka matlung a thapelo a Judea.

Currently Selected:

LUKA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy