YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 24

24
Jesu o tsoha bafung
(Mat. 28:1-10; Mar. 16:1-8; Joh. 20:1-10)
1Ka letsatsi le qalang beke ba ya lebitleng e sa le kameso, ba nkile ditlolo tseo ba di lokisitseng. 2Ba fumana lejwe le phikoloseditswe thoko le lebitla. 3Ha ba kena, ba se ke ba fumana setopo sa Morena Jesu. 4Yare ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba diaparo tse hadimang, ba ema pela bona. 5Yare ha ba tshoha, mme ba tadima fatshe, banna bao ba re ho bona: “Ya phelang le mmatlelang hara bafu? 6Ha a yo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, 7ha a re: ‘Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.’ ” 8Ba hopola dipolelo tsa Jesu.
9Hoba ba kgutle lebitleng, ba tsebisa ba leshome le motso o mong le ba bang bohle ditaba tseo tsohle. 10E ne e le Maria wa Magadala, le Johanna, le Maria, mma Jakobo, le basadi ba bang ba neng ba ena le bona, ba neng ba bolella baapostola ditaba tseo. 11Dipolelo tseo ya ka tshomo ho bona, mme ba se ke ba ba kgolwa. 12Empa Petrose a ema, a mathela lebitleng; ha a fihla a nyarela, a bona masela feela; yaba o tloha a maketse ke se etsahetseng.
Leeto la ho ya Emmause
(Mar. 16:12,13)
13Ka lona letsatsi leo barutuwa ba babedi ba ne ba eya motsaneng o bitswang Emmause, o bohole ba dikilomethara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema. 14Ba ne ba qoqa ka diketsahalo tseo tsohle. 15Ha ba ntse ba qoqa jwalo, ba buisana, Jesu ka sebele a atamela, a tsamaya le bona, 16empa mahlo a bona a rebeha, ba se ke ba mo tseba.
17A re ho bona: “Ditaba tseo le tsamayang le buisana ka tsona ke dife?”
Ba ema tlekelele! Ba swabile. 18E mong wa bona, ya bitswang Keleopase, a mo araba, a re: “Na ebe ke wena feela o leng moeti moo Jerusalema, ya sa tsebeng tse etsahetseng teng matsatsing aa?”
19A re ho bona: “Dife?”
Ba re ho yena: “Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla diketsong le dithutong pela Modimo le pela setjhaba sohle, 20kamoo baprista ba baholo le babusi ba rona ba neelaneng ka yena hore a ahlolelwe lefu kateng, ba bileng ba mo thakgisa. 21Rona re ne re tshepile hore ke yena ya tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena di etsahetse. 22Empa basadi ba bang ba habo rona ba re makaditse. Ba ile ba tsohella lebitleng, 23feela ba se ke ba fumana setopo sa hae. Ba kgutla ba re ba bone mangeloi a reng o a phela. 24Le ba bang ba neng ba ena le rona ba ile ba ya lebitleng, mme ba fumana ho le jwalokaha basadi ba ile ba bolela, empa yena ha ba a ka ba mmona.”
25A re ho bona: “Jo, dithoto tse pelo di diehang ho dumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba di bolela! 26Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?” 27A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.
28Ha ba atamela motsaneng oo ba yang ho wona, Jesu a etsa sa mokana a fetela pele. 29Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona.
30Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona. 31Jwale ha re etlo! mahlong, mme ba mo tseba, empa a ba nyamella. 32Ba botsana, ba re: “Ana pelo tsa rona di ne di sa tjhese ka ho rona ha a bua le rona tseleng, a ntse a re hlalosetsa Mangolo na?”
33Ba ema ka yona nako eo, ba kgutlela Jerusalema. Ba fumana ba leshome le motso o mong le ba nang le bona ba phuthehile, 34ba bile ba bolela hore Morena o fela a tsohile, mme o iponahaditse ho Simone. 35Le bona ba pheta tse etsahetseng leetong la bona, le kamoo ba ileng ba mo tseba kateng, ha a ngwatha bohobe.
Jesu o iponahatsa ho barutuwa ba hae
(Mat. 28:16-20; Mar. 16:14-18; Joh. 20:19-23; Dik. 1:6-8)
36Yare ba sa bua jwalo, Jesu a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”
37Empa ba tshoha, ba tshaba, ba hopola hore ba bona sethotsela. 38A re ho bona: “Le ferekanetseng? Ke ka baka lang le hlahelwang ke dipelaelo dipelong tsa lona? 39Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke nna ka sebele. Ntoboketseng le utlwe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke ena le tsona kateng.”
40Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho le maoto a hae. 41Yare ha ba ntse ba sa dumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jewang moo?” 42Ba mo nea leqa la tlhapi e besitsweng. 43A le nka, a le ja ba mo shebile.
44Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”
45Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo. 46A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro, 47le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema. 48Lona le dipaki tsa ditaba tsena. 49Bonang, nna ke tla le romella seo Ntate a le tshepisitseng sona, empa le dule motseng mona ho fihlela ha le apeswa matla a tswang hodimo.”
Jesu o nyolohela lehodimong
(Mar. 16:19,20; Dik. 1:9-11)
50Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. 51Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong. 52Hoba ba mo kgumamele, ba kgutlela Jerusalema ka nyakallo e kgolo, 53mme ba nna ba eba ka Tempeleng ka nako tsohle, ba boka Modimo.

Currently Selected:

LUKA 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy