YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 23

23
Jesu o iswa ho Pilato
(Mat. 27:1,2,11-14; Mar. 15:1-5; Joh. 18:28-38)
1Yaba lekgotla lohle le a ema, mme le mo isa ho Pilato. 2La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”
3Pilato a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?”
A mo araba, a re: “Wena o rialo.”
4Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.”
5Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.”
Jesu kapela Heroda
6Yare Pilato ha a utlwa, a botsa hore na motho eo ke Mogalelea na. 7Ha a se a tsebile hore o pusong ya Heroda, a mo romela ho Heroda, kaha le yena a ne a le Jerusalema matsatsing ao.
8Jwale Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu, hobane e ne e le kgale a lakatsa ho mmona. O ne a utlwile tsa hae, mme a tshepile ho bona mohlolo o etswang ke yena. 9Yaba Heroda o mmotsa potso tse ngata, empa Jesu a se ke a mo araba. 10Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba eme ba mo qosa ka matla. 11Yare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahadihadi, mme Heroda a mo kgutlisetsa ho Pilato. 12Ka lona letsatsi leo Heroda le Pilato ya eba metswalle, athe pele e ne e le dira.
Jesu o ahlolelwa lefu
(Mat. 27:15-26; Mar. 15:6-15; Joh. 18:38 — 19:16)
13Jwale Pilato a bitsa baprista ba baholo, le babusi, le batho, 14a re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna e le ya kgelosang batho, empa bonang, nna, ha ke mmotsisisa moo le leng teng, ha ke a fumana molato ho yena ka tseo le mo qosang ka tsona. 15Le Heroda ha a ya o fumana, hobane o mo kgutliseditse ho rona. Ha ho letho leo a le entseng le ka lokelang lefu. 16Ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.” 17Jwale o ne a tlameha ho ba lokollela motho a le mong ka mokete o mong le o mong wa Paseka.
18Empa bohle ba howa hammoho, ba re: “Bolaya enwa, o re lokollele Barabase!” 19Barabase eo o ne a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere o ileng wa eba teng hara motse le ka baka la polao.
20Pilato a bua le bona hape, a rata ho lokolla Jesu. 21Empa ba howa, ba re: “Mo thakgise, mo thakgise!”
22A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”
23Empa ba pheella ho howa ka mantswe a phahameng, ba kopa hore a thakgiswe; yaba mehoo ya bona e a mo hlola. 24Pilato a ahlola ka hore kopo ya bona e phethwe. 25A lokolla eo ba neng ba mo kopa, ya neng a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere le polao, a ba neela Jesu ho etsa borata ka yena.
Jesu o a thakgiswa
(Mat. 27:32-44; Mar. 15:21-32; Joh. 19:17-27)
26Ha ba ntse ba qhoba Jesu, ba tshwara motho e mong wa Sirene, ya bitswang Simone, ya neng a etswa naheng, ba mo jarisa sefapano, a latela Jesu. 27Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela. 28Jesu a retelehela ho bona, a re: “Baradi ba Jerusalema, se nteleleng; iteleleng, le llele le bana ba lona, 29hobane bonang, matsatsi a ya tla, ao ka wona ho tla thwe: ‘Ho lehlohonolo dinyopa, le popelo tse sa kang tsa tswala, le matswele a sa kang a anyesa.’ 30Ke moo ba tla qala ho re ho dithaba:
“ ‘Re weleng hodimo!’
“le ho maralla:
“ ‘Re kwaheleng!’
31“Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?”
32Ba bang ba babedi, bao e neng e le disenyi, ba iswa ho ya bolawa le yena. 33Ha ba fihlile sebakeng se bitswang Lehata, ba mo thakgisa teng le disenyi tseo, se seng ka ho letona, se seng ka ho le letshehadi. 34Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.
35Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”
36Le bahlabani ba mo soma; ba atamela, ba mo fa asene, 37mme ba re: “Ha o le kgosi ya Bajuda, ipholose he!”
38Kahodimo ho yena ho ne ho ena le lengolo le reng: enwa ke kgosi ya bajuda.
39Se seng sa disenyi tse fanyehilweng se ne se mo nyefola, se re: “Na ha o Kreste na? Ipholose, le rona o re pholose!”
40Empa se seng sa araba, sa se kgalemela, sa re: “Na wena ha o tshabe Modimo, empa le le kahlolong e tshwanang? 41Rona re hlile re ahlotswe ka toka, hobane re amohela moputso wa diketso tsa rona; athe yena ha a ka a etsa letho le sa lokang.”
42Sa ba sa re: “Jesu, ako nkgopole ha o etla ka matla a hao a borena.”
43A re ho sona: “Ruri ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna paradeising.”
Lefu la Jesu
(Mat. 27:45-56; Mar. 15:33-41; Joh. 19:28-30)
44E ne e ka ba hora ya leshome le metso e mmedi motsheare, ha lefifi le aparela naha yohle ho fihlela ka hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, 45letsatsi le ntse le fifetse; yaba lesira la Tempele le taboha ka lehare. 46Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.
47Yare ha molaodi wa lebotho la ba lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: “Kannete motho enwa o ne a lokile.” 48Matshwele wohle a neng a phuthehetse ho tla bona, hoba a bone se etsahetseng, a kgutla a swabile haholo. 49Empa metswalle yohle ya Jesu, le basadi ba neng ba mo latetse ho tloha Galelea, ba ne ba eme sebakana, mme ba bona ketsahalo tsena.
Kepelo ya Jesu
(Mat. 27:57-61; Mar. 15:42-47; Joh. 19:38-42)
50Ho ne ho ena le monna ya bitswang Josefa, monna ya molemo, ya lokileng, mme e le setho sa lekgotla. 51E ne e le wa Arimathea motse wa Bajuda, mme o ne a lebeletse Mmuso wa Modimo. Feela yena o ne a sa dumellana le lekgotla le diketso tsa lona. 52Monna eo a ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu, 53a se fanyolla, a nto se phuthela ka lesela, a se bea ka lebitleng le betlilweng lefikeng, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ho lona. 54E ne e le letsatsi la tlhekelo, mme e ne e se e tla ba Sabatha.
55Basadi ba neng ba tlile le Jesu ba etswa Galelea, ba latela Josefa, ba bona lebitla le kamoo setopo sa hae se beilweng kateng. 56Ba kgutla, ba lokisa dinoko tse monko o monate le setlolo, mme ba phomola ka Sabatha ho ya ka Molao.

Currently Selected:

LUKA 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy