YouVersion Logo
Search Icon

LUKA 17

17
Dipolelo tse ding tsa Jesu
(Mat. 18:6,7,21,22; Mar. 9:42)
1Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Hase ho ka etsahalang hore meleko e se ke ya eba teng, empa ho madimabe eo e tlang ka yena. 2Ho ka ba molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, a dihelwa lewatleng, ho ena le hore a dihele e mong wa ba banyenyane bana sebeng. 3Itlhokomeleng!
“Haeba ngwaneno a o sitelwa, mo kgalemele, mme haeba a baka, mo tshwarele. 4Haeba a o sitelwa hasupa ka letsatsi, a boela ho wena hasupa, a re: ‘Ke bakile,’ o mo tshwarele.”
5Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.”
6Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela.
7“E ka ba mang ho lona, eo ha a ena le mohlanka ya lemang kapa ya alosang, ha a fihla a etswa naheng, a ka reng ho yena: ‘Tloo kapele, o dule, o je?’ 8Na a ke ke a mpa a re ho yena: ‘Ntokisetse dijo, o itlame letheka, o ntshebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho nwa, mme kamora tsena, o ka ja, wa nwa?’ 9Na o ye a lebohe mohlanka hobane a entse tseo a di laetsweng na? 10Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: ‘Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’ ”
Phodiso ya balepera ba leshome
11Eitse ha Jesu a eya Jerusalema, a feta pakeng tsa Samaria le Galelea. 12Yare ha a kena motseng o mong, a kgahlana le banna ba balepera ba leshome. Ba ema hojana, 13ba howeletsa, ba re: “Jesu, Monghadi, ako re utlwele bohloko!”
14Ha a ba bona a re ho bona: “Eyang, le itlhahise ho baprista.” Ba re ba sa ya, ba fola, ba hlweka.
15Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng, 16a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.
17Jesu a botsa, a re: “Ha ke re ho fodisitswe ba leshome? Ba robong ba kae? 18Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?” 19Yaba o re ho yena: “Ema, o ikele; tumelo ya hao e o fodisitse.”
Ho tla ha Mmuso wa Modimo
(Mat. 24:23-28,37-41)
20Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang; 21hape ho ke be ha thwe: ‘Bonang, o mona, kapa o mane!’ Mmuso wa Modimo o hara lona.”
22A re ho barutuwa: “Ho tla tla matsatsi ao ka wona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mora Motho, empa le ke ke la le bona. 23Ba tla re ho lona: ‘Bonang, o mane!’ kapa: ‘Bonang, o mona!’ Le se ke la ya, leha e le ho ba latela. 24Jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho ya nqa e nngwe tlasa lehodimo, Mora Motho o tla ba jwalo mohla letsatsi la hae. 25Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.
26“Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo le matsatsing a Mora Motho: 27batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a kenang ka arekeng ka lona, mme ho etla morallo, o ba timetsa bohle.
28“Ka mokgwa wona oo ho ne ho be jwalo mehleng ya Lota: ba ne ba eja, ba enwa, ba reka, ba rekisa, ba lema, ba haha. 29Empa ka letsatsi leo Lota a neng a tswe Sodoma ka lona, mollo le sebabole tsa na, di etswa lehodimong, tsa ba timetsa bohle.
30“Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora Motho a iponahatsang ka lona. 31Ka letsatsi leo, ya tla be a le hodima ntlo, mme thepa ya hae e le ka tlung, a se ke a theoha ho ya e nka, le ya leng masimong a se ke a kgutlela hae. 32Hopolang mosadi wa Lota. 33Mang le mang ya lekang ho ipolokela bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa eo bo mo senyehelang o tla bo pholosa. 34Ke a le bolella, ka bosiu boo etlare ba babedi ba le betheng e le nngwe, e mong a nkwe, e mong a siuwe; 35basadi ba babedi ba tla be ba sila hammoho, e mong a nkwe, e mong a siuwe. 36Batho ba babedi ba tla be ba le naheng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.”
37Ba araba, ba re ho yena: “Hokae, Morena?”
A re ho bona: “Moo sefifi se leng teng, le matlaka a tla bokana teng.”

Currently Selected:

LUKA 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy