YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 23

23
Mekete ya borapedi
(Phal. 23:14-17; 34:18-26; Dipo. 16:1-17; Dipa. 28:16 — 29:40)
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Dinako tsa mekete ya Morena, tseo le tla di phatlalatsa e le dinako tsa diphutheho tse halalelang, tsa mekete ya ka, ke tsena.”
Sabatha
3“ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”
Paseka le bohobe bo sa lomoswang
(Dipa. 28:16-25)
4“ ‘Ena ke mekete e beilweng ya Morena, e leng diphutheho tse halalelang, tseo le tla di phatlalatsa ka dinako tsa tsona.
5“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, ka nako ya phirimana, ke Paseka ya Morena. 6Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang. 7Ka letsatsi la pele le tla ba le phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo. 8Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.’ ”
Dilopotsiya
(Dipa. 28:26-31)
9Morena a bua ho Moshe, a re: 10“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona. 11Yena o tla akgotsa ngata eo kapele ho Morena, e le hore le tle le amohelehe. Moprista o tla e akgotsa hoseng ha letsatsi le hlahlamang la phomolo. 12Ka letsatsi leo le akgotsang ngata ka lona, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso ka konyana e tona, e nang le selemo, e se nang sepha. 13Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe. 14Ho fihlela le tlisitse nyehelo ya Modimo wa lona, le se ke la ja bohobe, le diqhome kapa lefotho, ho fihlela ka lona letsatsi leo. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.”
Mokete wa kotulo
(Dipa. 28:26-31)
15“ ‘Ho tloha ka letsatsi le hlahlamang la phomolo, e leng letsatsi leo ka lona le tlisitseng ngata e akgotswang, le tla bala dibeke tse supileng, mme e be dibeke tse phethehileng. 16Ka letsatsi le hlahlamang beke ya bosupa, e leng letsatsi la mashome a mahlano, le tla etsetsa Morena nyehelo e ntjha ya dijo. 17Le tlise dinkgwa tse pedi, tse akgotswang, tse tswang malapeng a lona, tse entsweng ka phofo e thumisehileng e boima ba dikilo tse pedi, mme di phehwe di sa lomoswa, e be dilopotsiya tsa Morena. 18O tla nyehela ka bohobe boo, le ka dikonyana tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha; le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi. Tsena e tla ba nyehelo ya setjheso ya Morena, hammoho le nyehelo ya bona ya dijo le nyehelo ya bona ya seno. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate ho Morena. 19Hape o tla nyehela ka phooko e le nyehelo e tlosang sebe, le ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, e le sehlabelo sa nyehelo ya teboho. 20Moprista o tla di akgotsa hammoho le bohobe bo entsweng ka dilopotsiya, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena, mmoho le dikonyana tse pedi, di tla halalela ho Morena, mme e be tsa moprista. 21Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.
22“ ‘Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng. Le siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”
Selemo se setjha
(Dipa. 29:1-6)
23Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: 24“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang. 25Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.’ ”
Letsatsi la tefelo ya sebe
(Mee. 16:29-31; Dipa. 29:7-11)
26Morena a bua ho Moshe, a re: 27“Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. 28Ka lona letsatsi lena le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, hobane ke letsatsi la tefelo ya sebe sa lona ho Morena Modimo wa lona. 29Motho ofe kapa ofe ya sa tlo itima dijo ka letsatsi lena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. 30Motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi lena, ke tla mo timetsa setjhabeng sa habo. 31Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsohle tsa lona. 32E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.”
Mokete wa maphephe
(Dipa. 29:12-40)
33Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: 34“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ke mokete wa maphephe, o ketekelwang Morena ka matsatsi a supileng. 35Letsatsi la pele ke la phutheho e halalelang; le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. 36Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho e halalelang, mme le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. Phutheho ena ke ya ho phomola, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.
37“ ‘Ena ke mekete ya Morena, eo le tla e phatlalatsa hore ke ya phutheho e halalelang, ke ya ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le sehlabelo, le nyehelo ya dino, mme nyehelo ka nngwe e etswe ka letsatsi la yona. 38Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena.
39“ ‘Empa ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le bokeletse dijo masimong, le tla keteka mokete wa Morena ka matsatsi a supileng. Letsatsi la pele e tla ba la phomolo, le letsatsi la borobedi e tla ba la phomolo. 40Ka letsatsi la pele le tla kga ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le maswai a difate, le a moduwane wa noka, mme ka matsatsi a supileng le thabe kapele ho Morena. 41Le tla keteka mokete ona ka matsatsi a supileng, ka selemo se seng le se seng, e le wa Morena. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona, mme le tla etsa mokete ona ka kgwedi ya bosupa.
42“ ‘Le tla phela maphepheng ka matsatsi a supileng, mme matswallwa wohle a naha ya Iseraele a tla phela maphepheng, 43hore ditloholo tsa lona di tle di tsebe hore ke ile ka phedisa bana ba Iseraele maphepheng, mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”
44Ka mokgwa ona Moshe a tsebisa bana ba Iseraele mekete e beilweng ya Morena.

Currently Selected:

MEETLO 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy