YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 17

17
Sebaka sa ho nyehella se seng feela
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Bua ho Arone, le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: ‘Sena ke seo Morena a se laetseng, ha a re: 3Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, ya hlabelang pholo, kapa nku, kapa podi, ka diahelong; kapa ya e hlabelang kantle ho diahelo, 4a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo. 5Hona ke hore bana ba Iseraele ba tlise mahlabelo a bona, ao ba neng ba a etsetsa naheng; ba a tlise ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, ho moprista, mme ka wona ba etsetse Morena nyehelo ya teboho. 6Moprista o tla foka aletare ya Morena, e monyakong wa Tente ya Morena, ka madi, mme a tjhese mafura e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena. 7Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphooko eo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona.’
8“O re ho bona hape: ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya etsetsang Morena nyehelo ya setjheso, 9a se e tlise monyakong wa Tente ya Morena ho nyehella Morena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”
Ho ja bobete ha ho dumellwe
10“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo. 11Kahobane bophelo ba ntho bo mading, madi ana ke le neile wona hore le iketsetse tefelo ya sebe ka wona aletareng; ke madi a etsetsang motho tefelo ya sebe. 12Ka lebaka lena ke itse ho bana ba Iseraele: “Ho se be le ya mong wa lona ya jang bobete; le moditjhaba ya jakileng hara lona a se ke a ja bobete.”
13“ ‘Motho ofe wa bana ba Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya tsomang phoofolo kapa nonyana e ka jewang, ha a e bolaile o tla fophisa madi a yona, a a kwahele ka mobu. 14Bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona; ka baka leo, ke itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la ja bobete ba ntho efe kapa efe, hobane bophelo ba dintho tsohle ke madi a tsona. Mang kapa mang ya ka bo jang, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”
15“ ‘Mang kapa mang ya jang nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, e ka ba letswallwa kapa moditjhaba, a hlatswe diaparo tsa hae, a be a tole ka metsi. O tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana, jwale e tla ba o hlwekile. 16Empa haeba a sa hlatswe diaparo tsa hae, a bile a sa tole ka metsi, o tla jara bokgopo ba hae.’ ”

Currently Selected:

MEETLO 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy