YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 16

16
Letsatsi la tefelo ya sebe
1Kamora lefu la bara ba babedi ba Arone, ba neng ba shwe ha ba ne ba etsetsa Morena nyehelo, 2Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.
3“Arone o tla kena ka Sehalalelong ka mokgwa ona: a tlise pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso. 4O tla apara seaparo se halalelang se fihlang maotong, se entsweng ka lesela la lene, a tene le borikgwe ba lesela la lene, a itlame ka leqhama la lesela la lene, a rwale, le tuku ya lene. Diaparo tsena di a halalela, mme eka kgona a tole ka metsi, a nto di apara. 5Phuthehong ya bana ba Iseraele a nke dipodi tse pedi tsa nyehelo e tlosang sebe, le pheleu e le nngwe ya nyehelo ya setjheso.
6“Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae. 7O tla nka dipodi tseo tse pedi, a di emise kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena. 8Arone o tla laola diphooko tseo tse pedi ka lotho, mme lotho lona le tla ntsha e nngwe e le ya Morena, e nngwe e le ya Asasele. 9Arone o tla tlisa phooko eo lotho le e ntshitseng e le ya Morena, mme ka yona a etse nyehelo e tlosang sebe. 10Empa podi eo lotho le e ntshitseng e le ya Asasele, e tla emiswa kapele ho Morena e ntse e phela, hore a tle a etsetse tefelo ya sebe hodima yona, e nto lelekelwa lehwatateng ho Asasele.
11“Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, mme ka yona a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae. O tla hlaba pohwana eo ya hae e le nyehelo e tlosang sebe. 12O tla nka sekubetsa se tletseng mashala a hlenneng, se hodima aletare e kapele ho Morena. A ngwathe mokubetso o silehileng, o monko o monate, a o tlatse matsoho a hae, a o ise kamora lesira. 13Mokubetso ona a o tshele hodima mollo, kapele ho Morena, e le hore mosi wa mokubetso o tle o kwahele sekwahelo sa tefelo ya sebe, se hodima areka e kentseng matlapa a ngotsweng Molao, e le hore Arone a se ke a shwa. 14O tla nka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe ka monwana wa hae, ka nqeng ya botjhabela; hape a foke hasupa kapele ho sona.
15“Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona. 16O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise. 17Ho se be motho ka Tenteng ya Morena, ho tloha ha moprista a kena ka ho yona ho ya etsa tefelo ya sebe, ho fihlela a etswa. O tla iketsetsa tefelo ya sebe, a e etsetse le ba lelapa la hae, le setjhaba sohle sa Iseraele.
18“Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota. 19Ka madi a mang o tla foka hodima aletare hasupa, a e hlwekise, a e halaletse, hore a tlose ho se hlweke ha bana ba Iseraele ho ho yona.”
Podi ya Asasele
20“Ha Arone a qetile ho hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare, o tla tlisa podi e ntseng e phela. 21Arone o tla bea matsoho a hae a mabedi hodima hlooho ya podi ena e ntseng e phela, mme a bolele makgopo wohle a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tsa bona, le dibe tsohle tsa bona; a di bee hodima hlooho ya podi ena, ebe e iswa lehwatateng ke motho ya kgethetsweng hoo. 22Podi ena e tla jara makgopo a bona wohle. Motho eo a e ise naheng e se nang baahi, mme a e tlohelle lehwatateng moo.
23“Arone o tla kena ka Tenteng ya Morena, a hlobole diaparo tsa lesela la lene, tseo a ileng a di apara ha a kena ka Sehalalelong, ebe o di siya moo. 24O tla tola ka metsi a le ka Sehalalelong, a apare diaparo tsa hae, a ntano tswa, a etse nyehelo ya hae ya setjheso, le nyehelo ya setjhaba ya setjheso; a be a iketsetse tefelo ya sebe, a e etsetse le setjhaba. 25Mafura a nyehelo e tlosang sebe a a tjhesetse hodima aletare.
26“Motho ya ileng a isa podi ho Asasele o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamorao ho moo a kene ka diahelong. 27Pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le podi ya nyehelo e tlosang sebe, tseo madi a tsona a ileng a tliswa ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, di tla iswa kantle ho diahelo. Matlalo a tsona, le nama ya tsona, le moswang wa tsona, di tjheswe ka mollo. 28Ya di tjhesang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamora moo a kene ka diahelong.”
Ho itima dijo
29“Ona ke molao wa mehla yohle ho lona: Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, le tla itima dijo, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, e ka ba motho wa letswallwa, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona. 30Ka letsatsi lena, moprista o tla le etsetsa tefelo ya sebe, hore le hlweke, le hlwekiswe dibeng tsohle tsa lona kapele ho Morena. 31Ho lona ke letsatsi le leholo la phomolo, mme le tla itima dijo. Ona ke molao wa mehla yohle. 32Moprista ya tlotsitsweng, ya halaleditsweng hore e be moprista sebakeng sa ntatae, o tla etsa tefelo ya sebe. O tla apara diaparo tse halalelang, tse entsweng ka lesela la lene. 33O tla hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare ya tefelo ya sebe; a etsetse baprista, le batho bohle ba phutheho, tefelo ya sebe. 34Ona e tla ba molao wa mehla yohle ho lona, hore hang ka selemo le etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe, ka baka la dibe tsohle tsa bona.”
Yaba Moshe o etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

Currently Selected:

MEETLO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy