YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 15

15
Lero le qhitsang botoneng
1Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: 2“Buang le bana ba Iseraele, le re ho bona: ‘Ha monna a ena le lero le qhitsang botoneng ba hae, lero leo le na le sesila. 3Ha a ntse a ena le lero, sesila sa hae e tla ba sena: botona ba hae bo ka qhitsa lero, kapa bo ka thibana ke lero, o ntse a le sesila.
4“ ‘Diphate tsohle tseo monna eo botona ba hae bo qhitsang lero a robalang ho tsona, di sesila; le eng kapa eng eo a dulang ho yona e sesila. 5Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 6Mang kapa mang ya dulang eng kapa eng e neng e dutswe ke monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
7“ ‘Mang kapa mang ya amang mmele wa monna eo botona ba hae bo qhitsang, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
8“ ‘Haeba monna eo ya kulang a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, ya tshwetsweng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
9“ ‘Qhana efe kapa efe eo monna eo ya kulang a palamang ka yona, e sesila. 10Mang kapa mang ya amang ntho e neng e le katlasa hae, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana. Mang kapa mang ya nkang ntho ya mofuta o jwalo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
11“ ‘Mang kapa mang eo monna ya kulang a mo amang ka matsoho a sa hatlelwang o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
12“ ‘Dijana tsa letsopa, tse amilweng ke monna ya kulang di tla pshatlwa, mme ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka lehong e tla hlatsuwa ka metsi.
13“ ‘Ha monna enwa eo botona ba hae bo neng bo qhitsa lero a fola, o tla qeta matsatsi a supileng pele a ka hlwekiswa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, mme e tla ba o hlwekile. 14Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba; a tle kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, mme a a nee moprista. 15Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae.
16“ ‘Ha monna a hoshotsa metsi a bonna ba hae, o tla tola mmele wohle ka metsi, mme o tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 17Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana.
18“ ‘Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.’ ”
Lehatlelo
19“ ‘Ha mosadi a ena le lehatlelo, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Mang kapa mang ya mo amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.
20“ ‘Diphate tsohle tseo a robalang ho tsona, le eng kapa eng eo a dulang hodima yona ha a ntse a le sesila, di tla ba le sesila. 21Mang kapa mang ya amang diphate tsa hae o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 22Mang kapa mang ya amang setulo seo a neng a dutse hodima sona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana. 23Haeba a le hodima diphate kapa hodima setulo ha tsena di angwa, mang kapa mang ya tla ama ntho e neng e le hodima diphate, kapa hodima setulo seo mosadi eo a neng a se dutse, o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.
24“ ‘Ha monna a ka robala le yena, o tla nka sesila sa mosadi eo, mme o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Diphate tseo a ka robalang ho tsona, le tsona di tla ba sesila.
25“ ‘Ha mosadi a eba le lehatlelo, empa e se ka nako ya lona, kapa haeba lehatlelo le nka nako e telele ho feta ya mehla, nakong eo le ntseng le tswela pele o tla ba sesila, jwalokaha a le sesila ka nako ya lehatlelo la hae. 26Diphate dife kapa dife tseo a robalang ho tsona nakong ena ya lehatlelo di tla ba sesila, jwalokaha di ne di tla ba sesila nakong ya lehatlelo la hae. Setulo sefe kapa sefe seo a dulang ho sona se tla ba sesila jwaloka mohla nako ya lehatlelo la hae. 27Mang kapa mang ya di amang o tla ba sesila. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.
28“ ‘Ha lehatlelo lena le kgaoditse, o tla qeta matsatsi a supileng, mme kamorao ho moo o tla be a hlwekile. 29Ka letsatsi la borobedi o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, a a tlise ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena. 30Moprista o tla nyehela ka le leng, e le nyehelo e tlosang sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa ona moprista o tla mo etsetsa nyehelo ya tefelo ya sebe ho Morena, ka baka la lehatlelo le ileng la mmakela sesila.
31“ ‘Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.’ ”
32Ona ke molao o etseditsweng monna ya qhitsang lero botoneng ba hae, kapa ya hoshotsang metsi a bonna, mme eba o ba sesila. 33Ebile ke molao o etseditsweng mosadi ka nako ya lehatlelo la hae, kapa ya nang le seso se qhitsang. Ke molao o etseditsweng monna le mosadi, le o etseditsweng monna ya robalang le mosadi ya sesila.

Currently Selected:

MEETLO 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy