YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 13

13
Melao e amanang le lepera
1Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re: 2“Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista. 3Moprista o tla hlahloba lefu lena le mmeleng wa motho eo. Ha a bona hore mohwete o sweufetse, mme setlapedi sena se phobetse, hoo kelefu la lepera. Ha moprista a se a mo hlahlobile o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. 4Empa haeba setlapedi sena se sa phobela, mme mohwete o hodima sona o sa sweufala, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng. 5Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba, mme ha a bona hore lefu ha le tswele pele, moprista o tla boela a etsa hore motho eo a se ke a dula le batho ba bang ka matsatsi a supileng. 6Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba kgetlo la bobedi, mme ha a bona hore setlapedi se a fola, ha se anele mmele, moprista o tla phatlalatsa hore o hlwekile, ke lekgopho feela. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka. 7Haeba lekgopho le bonahala hore le anela mmele, kamora hore motho enwa a itlhahise kapele ho moprista, hore a hlwekiswe, motho eo o tla boela a itlhahisa ho moprista kgetlo la bobedi. 8Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera.
9“Ha motho a tshwerwe ke lefu la lepera, o tla tliswa ho moprista. 10Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba ho ena le lekukuma le lesweu, le sweufaditse mohwete, mme lekukuma le etsa sebebe, 11eba ke lefu la lepera le sa foleng, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ha a ka ke a mo kwalla, hobane o se a ntse a le sesila.
12“Haeba lepera le anela mmele wohle, ho tloha hloohong ho isa maotong, le mmeleng wohle kamoo moprista a bonang kateng, 13moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lepera le anetse mmele wohle o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile, mmele wa hae o sweufetse, mme o hlwekile. 14Empa mohla ho hlahang sebebe, o tla ba sesila. 15Moprista o tla hlahloba sebebe, a phatlalatse hore motho eo o seila. Sebebe sena se sa hlwekang ke lefu la lepera. 16Empa haeba sebebe se fetoha, se sweufala hape, motho eo a ye ho moprista hape. 17Moprista o tla mo hlahloba, mme ha a fumana sebebe se sweufetse, o tla phatlalatsa hore lefu leo le fodile, motho eo o hlwekile.
18“Ha motho a etswa lethopa mmeleng wa hae, leo kamora hore le fole, 19le siyang kgoho e tshweu e kokomohileng, kapa lebadi le benyang le bofubedu bo bosweu, motho eo o tla itlhahisa ho moprista. 20Moprista o tla le hlahloba, mme haeba lebadi leo le bonahala le phobetse, mohwete wa lona o sweufetse, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera le qalehileng ka mokgwa wa lethopa. 21Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng, kapa letlalo le phobetseng, empa lethopa le a fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng. 22Haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, o na le lepera. 23Empa heaba lebadi leo le le bofubedu bo benyang, le sa anela mmele wohle, hoo ke lebadi la lethopa, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile.
24“Haeba motho a ena le sepatlo sa ho tjha, mme mollo ona o etswa, o etsa lebadi le lefubedu kapa le lesweu, 25moprista o tla hlahloba motho eo. Haeba mohwete o sepatlong o sweufetse, mme ho bonahala ho phobetse, hoo ke lefu la lepera, le qalehileng ka ho tjheswa ke mollo. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera. 26Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng lebading leo le benyang, kapa ha ho letlalo le phobetseng, feela lethopa le fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng. 27Ka letsatsi la bosupa moprista o tla mo hlahloba; haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la lepera. 28Empa haeba leqebeng leo ho sala lebadi le bofubedu bo benyang, le sa anelang mmele wohle, empa leqeba leo le fola, hoo ke lebadi la ho tjheswa ke mollo.
29“Haeba monna kapa mosadi a ena le seso hloohong kapa seledung, 30moprista o tla mo hlahloba. Ha a fumana hore se phobetse, mohwete o mosesanyane, o mosehlanyana, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la mmokwana, ke lepera le tswang motho hloohong kapa seledung. 31Ha moprista a hlahloba lefu lena la mmokwana, mme ho bonahala hore letlalo ha le a phobela, ho se na le moriri o motsho, moprista o tla etsa hore motho enwa ya tshwerweng ke lefu la mmokwana a dule a le mong ka matsatsi a supileng. 32Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu leo, mme haeba lefu lena la mmokwana le sa anela mmele, mme ho se na mohwete o mosehlanyana, ho bonahala hore mmokwana ha o a phobela, 33motho eo o tla beolwa, empa moo mmokwana o entseng lebadi ho se ke ha beolwa. Moprista o tla etsa hore motho eo ya tshwerweng ke lefu lena a dule a le mong ka matsatsi a supileng. 34Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu lena la mmokwana; haeba le sa anela mmele, mme ho bonahala hore ha le a phobela, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a tla ba o hlwekile. 35Empa haeba lefu lena la mmokwana le anela mmele kamora hore ho phatlalatswe hore motho eo o hlwekile, 36moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lefu leo la mmokwana le anetse mmele, ha ho hlokahale hore moprista a hlahlobe hore na ho na le mohwete o mosehlanyana; motho eo o sesila. 37Empa haeba ho bonahala hore lefu lena ha le tswele pele, mme mohwete o motsho o metse teng, lefu lena la mmokwana le fodile. Motho eo o hlwekile, mme moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile.
38“Haeba monna kapa mosadi a ena le mabadi a masweunyana a benyang, 39moprista o tla a hlahloba. Haeba mabadi ana a benyang, a mmeleng a le bosweunyana bo fifetseng, mme a supa hore a a nyamela, e tla ba ke lekgophonyana feela; motho eo o hlwekile.
40“Ha motho a foforeha moriri hloohong, o na le lefatla; o hlwekile. 41Haeba motho a foforeha moriri phatleng, o na le lefatla phatleng, o hlwekile. 42Ha motho enwa a eba le ditlapedi hodima lefatla le hara hlooho, kapa phatleng, hoo ke lepera le tswang hloohong, kapa phatleng. 43Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng, 44motho eo o na le lepera; o sesila. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o na le sesila, o na le lepera le tswileng hloohong.
45“Motho ya nang le lepera o tshwanetse ho apara diaparo tse maharaswa, moriri wa hae o hlanthollehe, a kwahele molomo o kahodimo, mme a howe, a re: ‘Ke na le sesila! Ke na le sesila!’ 46Ha a ntse a tshwerwe ke lefu lena, o tla ba le sesila, hobane ruri o sesila. O tla dula a le mong kantle ho diahelo.”
Lepera le diaparong
47“Haeba seaparo se ena le lefu la lepera, e ka ba seaparo sa boya, kapa sa lesela la lene, 48kapa se entsweng ka lene, kapa boya, kapa eng le eng e entsweng ka letlalo, 49mme seaparong sena se entsweng ka letlalo, kapa se entsweng ka lesela la lene, kapa ka boya, kapa seaparong sefe le sefe se entsweng ka letlalo, ho ena le botalanyana kapa bofubedunyana ba lefu lena, hoo ke lefu la lepera, mme le tla bontshwa moprista. 50Moprista o tla hlahloba lefu lena, mme phahlo e nang le lefu lena e tla tloswa ho tse ding ka matsatsi a supileng. 51Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a hlahloba seaparo seo. Haeba lefu lena le anetse seaparo, kapa lesela la lene, kapa le lohilweng ka boya, kapa letlalo le sebediswang mosebetsing ofe kapa ofe, hoo ke lepera le tshwaetsang, mme seaparo seo se sesila. 52Moprista o tla tjhesa seaparo sena sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e nang le lefu lena. Ke lepera le tshwaetsang. Seaparo seo se tla tjheswa ka mollo.
53“Ha moprista a hlahloba seaparo sena se entsweng ka lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ke letlalo, mme a bona hore lefu lena ha le a se anela, 54o tla laela hore ho hlatsuwe ntho eo e nang le lefu lena, mme a boele a tlose seaparo seo diaparong tse ding kgetlo la bobedi ka matsatsi a supileng. 55Ha se se se hlatswitswe, moprista o tla se hlahloba, mme ha a fumana hore ha ho na phetoho, le hoja lefu le sa anela seaparo, phahlo eo e sesila. E tjheswe ka mollo, e sesila kahohle.
56“Ha seaparo se se se hlatswitswe, mme moprista a bona hore lefu lena le fodile, o tla tabola karolo ya seaparo e nang le lefu, e ka ba se entsweng ka letlalo, kapa ka lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya. 57Ha lefu lena le boela le hlaha hape seaparong sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlong efe le efe e entsweng ka letlalo, lefu leo le ntse le le matla; seaparo se nang le lefu lena se tjheswe ka mollo. 58Ha seaparo sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e se e hlatswitswe, mme lefu le nyamela ho yona, e tla hlatsuwa kgetlo la bobedi, mme e tla ba e hlwekile.”
59Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.

Currently Selected:

MEETLO 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy