YouVersion Logo
Search Icon

MEETLO 12

12
Ho itlhwekisa ha batswetse
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Ha mosadi a ithwala, mme a beleha ngwana wa moshanyana, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, jwalokaha a ile dinakong tsa hae. 3Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko. 4Jwale mosadi enwa o tla dula matsatsi a mashome a mararo a itlhwekisa lehatlelo la hae; a se ke a ama letho le halalelang, leha e le ho kena ka Sehalalelong, ho fihlela matsatsi a ho itlhwekisa ha hae a fela. 5Empa ha a ka beleha ngwana wa ngwanana, o tla dula dibeke tse pedi a le sesila, jwalokaha a ile dinakong tsa hae, mme o tla dula matsatsi a mashome a tsheletseng a itlhwekisa lehatlelo la hae.
6“ ‘Hoba a belehe ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana, ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fedile, o tla tlisa ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, konyana e nang le selemo, e le nyehelo ya setjheso, le ledinyane la leebana kapa leebanakgorwana, e le nyehelo e tlosang sebe. 7Moprista o tla nyehella Morena ka tsona, a mo etsetse tefelo ya sebe, mme jwale o tla hlweka lehatlelong la hae. Ona ke molao wa motswetse ya belehang ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana.
8“ ‘Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.’ ”

Currently Selected:

MEETLO 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy