YouVersion Logo
Search Icon

KOLI-YA-MALLA 2

2
Morena o otla Jerusalema
1Bonang kamoo Morena
a halefileng kateng!
O sithabeditse Sione
ka leru le letsholetsho!
Tlotla ya Iseraele
o e lahletse fatshe,
a e lahlela fatshe
e theoha lehodimong.
Mohla tsatsi leo
la kgalefo ya hae,
ha a a ka a hopola
bonamelo ba maoto a hae.
2Morena o timeditse
diahelo tsa Jakobo,
a di timetsa kaofela,
mohau a se na wona;
qhobosheane tsa Moradi wa Juda
a di ripitla,
a di ripitla,
kgalefo ya hae e ntse e tlokoma;
mmuso wa teng a o tlontlolla,
a o tlontlolla le babusi ba wona.
3Naka la Iseraele o le robile,
a le roba
kgalefo ya hae e tlokoma;
tsoho la hae le letona, le matla,
a le honyetsa ha sera se futuha.
A halefela Jakobo
sa mollo o malakabe,
o malakabe, o timetsang kahohle.
4O hutse seqha sa hae jwaloka sera,
o eme sa mohlabani,
tsoho le letona le phahame;
bohle ba kgahlang mahlo
a ba bolaya.
Kgalefo ya hae e tukang malakabe,
a e theolela hodima tente ya Sione.
5Morena o ka sera sa rona,
Iseraele o e ripitlile,
a ripitla matlo wohle
a dikgosi tsa yona.
Qhobosheane tsa yona a di heletsa,
a atisa bofifi le dillo
tsa Moradi wa Juda.
6O runtsolotse Tempele ya hae,
a e runtsolla sa lephephe tshimong,
sebaya sa hae sa diphutheho
a se ripitla.
Morena o entse hore Sione e lebale,
e lebale matsatsi a mekete,
e lebale le Disabatha;
ha kgalefo ya hae e tuka malakabe,
a nyedisa kgosi le yena moprista.
7Morena o lahlile aletare ya hae,
Sehalalelo sa hae
le sona a se furalla;
marako a matlo a kgosi tsa Sione
o neelane ka wona
matsohong a dira;
ka tlung ya Morena
dira di entse lerata,
lerata le kang
la mohla tsatsi la mokete.
8Morena o sa entse qeto
ya ho heletsa,
ya ho heletsa marako
a Moradi wa Sione;
kgwele ya ho lekanya
o se a e otlolotse,
ha a a ka a honyetsa tsoho la hae
ha le timetsa.
A etsa hore metero le marako di lle,
bobedi ba tsona a di heletsa.
9Dikgoro tsa Sione
di kwahetswe ke mobu,
mekwallo ya tsona
o e robakile dikotwana;
kgosi le mahosana
ke bathopuwa hara baditjhaba,
ke bathopuwa ba leng moo
ho sa rutweng Molao;
baporofeta ba Sione
ha ba sa bona dipono,
pono tse tswang ho Morena.
10Baholo ba Jerusalema
ba ituletse fatshe,
ba ituletse fatshe ba kgutsitse,
ba kgutsitse ba se na puo;
ba itshetse ka lerole
hodima dihlooho,
mmeleng ya bona
ba apere tse mahwashe,
barwetsana ba Jerusalema
ba inametse fatshe.
11Mahlo a ka a foufaditswe,
a foufatswa ke dikeledi,
moya wa ka o ferekane haholo,
bohloko ba pelo ya ka
bo tsholohela fatshe,
ka baka la ho timetswa
ha setjhaba sa heso,
ka baka la ho timetswa
ha bana le masea,
ba timetswa
ba le diterateng tsa motse.
12Bana ba llela bo-mma bona,
ba re: “Dijo di hokae,
dino tsona di hokae?”
Ba rialo ba akgeha
sa batho ba mahlatsipa,
ba akgeha
ba le diterateng tsa motse,
bophelo ba bona
bo fela kahanyane,
bo fela bo-mma bona
ba ba sikile ka matsoho.
13Ke ntho efe
eo nka o pakelang ka yona?
Ke ntho efe
eo nka o tshwantshang le yona?
Ka o tshwantsha le yona,
wena Jerusalema?
Nka o lekanya le eng,
ke tle ke o tshedise?
Ke tshedise wena,
Moradi wa Sione,
Moradi wa Sione wa morwetsana?
Botebo ba leqeba la hao
bo ka ba lewatle!
Ke mang ya ka tsebang
ho o phekola?
14Dipono tse bonweng
ke baporofeta ba hao
e ne e le tsa leshano,
tse se nang thuso;
ha ba a ka ba o senolela
sebe sa hao,
hore ba o fapose bothopuwa ba hao.
Ba ile ba o bolella
dipono tsa bohata,
dipono tse ileng tsa o thetsa,
tsa o kgelosa.
15Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla,
ba opa diatla ha ba o bona;
ba letsa molodi,
dihlooho ba a di thukutha,
ba soma Moradi wa Jerusalema,
ba re: “Na motse oo
ke wona o no le motlemotle,
o no thabisa lefatshe lohle?”
16Dira tsa hao
di o bebenyetsa melomo,
di a o soma,
di o tsikitlanyetsa meno,
di re: “Re timeditse Jerusalema!
Lena ke lona tsatsi
leo esale re le emela,
le fihlile, re bile re le bone!”
17Morena o entse
seo a neng a se rerile,
polelo tsa hae
o di phethahaditse,
polelo tse neng di bolelwe
mehleng ya kgale;
o o timeditse a se na mohau,
a etsa hore o tlakwe
ke dira tsa hao,
ba o lwantshang a ba matlafatsa.
18Pelo tsa setjhaba
di ipiletsa ho Morena,
wena Jerusalema, Moradi wa Sione,
keledi tsa hao
a di ke di phalle jwaloka noka,
di phalle motsheare,
di phalle le bosiu;
o se ke wa ipha sebaka
sa ho phomola,
mahlo a hao
le wona a se ke a phomola.
19Tsoha, o howeletse hara bosiu,
o howeletse
ha balebedi ba qala ho santela;
tse ka pelong ya hao
o di tsholle jwaloka metsi,
o di tshollele kapele ho Morena.
Phahamisa matsoho a hao,
o a phahamisetse ho Morena,
o a phahamise
ka baka la bana ba hao,
bana ba hao ba bolawang ke tlala,
e ba bolaya hara diterata tsohle.
20“Oho, Morena, bona,
ako inahane:
Eo o kila mo etsa tjee ke mang?
Na basadi ba lokela
ho ja masea a bona,
ba je bana bao ba ba hodisitseng?
Na moprista le moporofeta
ba lokela ho bolawa,
ba bolaelwa ka Sehalalelong,
Halalelong sa Morena?
21Batjha le maqheku
ba rapaletse mmoho,
ba rapaletse diterateng,
ba rapaletse hara lerole;
bahlankana le barwetsana ba ka
ba shwele,
ba eshwa ke ho bolawa ka sabole.
O ba bolaile mohla o no halefile,
wa ba bolaya
le mohau o se na wona.
22O bitsitse dira tsa ka
ka nqa tsohle,
wa di bitsa
eka o di bitsetsa moketeng.
Ka tsatsi leo
o no halefile ka lona, Morena,
ha ho le ya mong ya kila phonyoha,
ha ho le ya mong ya kila sala!
Bao ke ba otlileng, ka ba hodisa,
bohle ba timeditswe ke sera sa ka!”

Currently Selected:

KOLI-YA-MALLA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy