YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 22

22
Merabe e ka botjhabela e kgutlela naheng ya yona
1Joshua a bitsa ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, 2a re ho bona: “Le bolokile tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a le laetseng tsona; le nna le mametse lentswe la ka dinthong tsohle tseo ke le laetseng tsona. 3Ka nako e telele ena, ho fihlela kajeno, ha le eso lahle bana babo lona, empa le bolokile taelo ya Morena Modimo wa lona. 4Morena Modimo wa lona, o phomoditse bana babo lona jwalokaha a ne a ba tshepise; ka baka leo, kgutlang, le boele ditenteng tsa lona mose ho Jorodane, naheng ya lona, eo Moshe mohlanka wa Morena, a neng a le nee yona. 5Feela le ele hloko, le boloke taelo le molao oo Moshe mohlanka wa Morena, a le laetseng wona: Le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, le boloke melao ya hae, le mo kgomarele, le mo sebeletse ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.”
6Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, o a ba qhala, mme ba ikela ditenteng tsa bona.
7Moshe o ne a ile a nea karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha, Bashane; Joshua yena a nea karolo e nngwe ya bona naha hara bana babo bona, mose ho Jorodane, ka bophirimela. Le bona, ha Joshua a ba qhala hore ba boele ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa. 8A bua le bona, a re: “Le boela ditenteng tsa lona le ena le leruo le lengata, le diphoofolo tse ngata, le silefera, le kgauta, le lethose, le tshepe, le diaparo tse ngata. Arolelang bana babo lona tseo le di hapileng ho dira tsa lona.”
9Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tloha ho bana ba Iseraele, Shilo, e naheng ya Kanana, ba ya naheng ya bona ya Gileade, eo ba neng ba e newe ke Moshe ka taelo ya Morena.
Ho hahuwa aletare pela Jorodane
10Ha ba fihla seterekeng sa Jorodane, se naheng ya Kanana, bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba haha aletare e kgolo moo, hodima lebopo la Jorodane. 11Bana ba bang ba Iseraele ba utlwa ho thwe: “Helang! bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba hahile aletare Gelelote, seterekeng sa Jorodane, lehlakoreng le ka ho bana ba Iseraele.” 12Ha bana ba bang ba Iseraele ba utlwa taba ena setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, ho ba futuhela.
Ho kgalemelwa ba hahileng aletare
13Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade. 14Ba mo roma le mahosana a leshome, kgosana e nngwe le e nngwe e le ya lelapa ka leng la malapa wohle a Iseraele, mme kgosana e nngwe le e nngwe e le hlooho ya lelapa labo yona hara merabe ya Iseraele.
15Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re: 16“Setjhaba sohle sa Morena se bua tjena: ‘Bohlabaphiyo boo ke bo jwang, boo le bo etseditseng Modimo wa Iseraele, ha e le moo kajeno le tlohetse ho latela Morena, ka ho ikgahela aletare, hore le fetohele Morena kajeno? 17Ebe le bona bokgopo bo entsweng ha re le Peore, boo le kajeno re eso itlose sesila sa bona, bo sa lekana, leha setjhaba sa Morena se ne se welwe ke sewa, 18hoo kajeno le ka fetohelang Morena? Ha e le mona kajeno le fetohela Morena, ho tla etsahala hore hosasane a halefele setjhaba sohle sa Iseraele. 19Jwale he, haeba naha eo e leng ya lona e silafetse, tshelelang ka naheng eo e leng ya Morena, moo Tente ya Morena e leng teng, mme lona le ahe hara rona. Empa le se ke la fetohela Morena, kapa le rona la re fetohela, ka ho ikgahela aletare esele ho aletare ya Morena Modimo wa rona. 20Kapa le se le lebetse hore Akane, mora wa Sera, o ne a etse tshito ka ho nka dintho tse neng di rohakilwe, yaba Morena o halefela setjhaba sohle sa Iseraele? Bokgopo bono ba hae ha bo a ka ba timetsa yena a le mong feela!’ ”
Ba hahileng aletare ba a ikarabella
21Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba araba dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba re: 22“Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno! 23Haeba re ikgahetse aletare hore re tlohele ho latela Morena, kapa ho nyehella hodima yona ka nyehelo ya setjheso, kapa ka nyehelo ya dijo, kapa ho nyehella ho yona ka dinyehelo tsa teboho, Morena a re ahlole ka boyena.
24“Re entse hona hobane re ne re tshaba hore ka nako e tlang bana ba lona ba tla re ho bana ba rona: ‘Le kopana ka eng le Morena Modimo wa Iseraele? 25Pakeng tsa rona le lona, lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade, Morena o entse hore Jorodane e be moedi. Lona ha le na kabelo ya letho ho Morena!’ Ke moo bana ba lona ba tla etsa hore bana ba rona ba se ke ba hlola ba tshaba Morena.
26“Ka baka leo, re ile ra re: ‘A re haheng aletare, feela e se be eo ho etsetswang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo hodima yona, 27empa e be paki e pakeng tsa rona le lona, le pakeng tsa ditloholo tsa rona, hore le rona re tla etsetsa Morena tshebeletso moo a leng teng, ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso, le ka mahlabelo a rona, le ka dinyehelo tsa rona tsa teboho; esere ka nako e tlang bana ba lona ba re ho bana ba rona: “Ha le na kabelo ya letho ho Morena!”
28“ ‘Ka baka leo, re ile ra re etlare ka nako e tlang, ha ba bua jwalo ho rona kapa ho bana ba rona, ebe re re: “Bonang moaho ona wa aletare ya Morena, e tshwanang le eo bo-ntata rona ba e hahileng, ba sa e hahe e le e etsetsang nyehelo ya setjheso, kapa ya sehlabelo, e mpa e le paki e pakeng tsa rona le lona.”
29“ ‘Re thoko haholo le ho fetohela Morena, lehore kajeno re mo furalle, re se ke ra mo latela ka ho haha aletare eo ho yona ho etsetswang nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, kapa ya sehlabelo, e le e kathoko ho aletare ya Morena Modimo wa rona, e kapele ho Tente ya hae.’ ”
Ho etswa kgotso
30Yare ha bo-moprista Finease, le mahosana a setjhaba, le dihlooho tsa merabe ya Iseraele, ba utlwa mantswe a builweng ke bana ba Rubene, le bana ba Gade, le bana ba karolo e nngwe ya Manase, ba kgotsofala. 31Finease, mora wa moprista Eleasare, a re ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase: “Kajeno re a tseba hore Morena o teng kahara rona, hobane ha le a etsetsa Morena bohlabaphiyo bona; le pholositse bana ba Iseraele matsohong a Morena.”
32Jwale bo-Finease, mora wa moprista Eleasare, le mahosana, ba tloha ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, ba tswa naheng ya Gileade, ba kgutlela naheng ya Kanana ho bana ba Iseraele, ba fihla ba ba phetela ditaba. 33Tsena tsa kgotsofatsa bana ba Iseraele, mme bana ba Iseraele ba boka Modimo. Ba kgaotsa ho bua ka ho ba futuhela, le ho ripitla naha eo bana ba Rubene, le bana ba Gade ba neng ba ahile ho yona.
34Bana ba Rubene le bana ba Gade ba rea aletare eo lebitso la “Paki”, hobane ba ne ba re: “Ena ke paki ho rona bohle hore Morena ke Modimo.”

Currently Selected:

JOSHUA 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy