YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 20

20
Metse eo ho tshabelwang ho yona
1Morena a bua ho Joshua, a re:
2“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ikgetheleng metse eo ho tla tshabelwa ho yona, eo ke buileng ka yona ho lona, ka molomo wa Moshe. 3Ke moo motho ya ka bolayang motho e mong e se ka morero, a sa hlokomela, a tla tshabela teng. Metse eo e tla ba eo le tshabelang ho yona, ho baleha mophetetsi wa madi.
4“ ‘Motho eo o tla tshabela ho o mong wa metse eo, a eme monyakong wa motse, a bolelle baholo ba motse ditaba tsa hae. Bona ba tla mo kenya ka motseng, ba mo nee sebaka, hore a phele le bona. 5Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya. 6O tla phela motseng oo ho fihlela a emiswa kapele ho phutheho hore e mo ahlole, le ho fihlela eo e leng Moprista e Moholo nakong eo a eshwa. Jwale mmolai a ka kgutlela motseng wa habo, le tlung ya hae, moo a neng a balehe teng.’ ”
Lenane la metse eo ho tshabelwang ho yona
7Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone. 8Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane. 9Ena ke yona metse e ileng ya kgethelwa bana bohle ba Iseraele, le bajaki ba jakileng hara bona. Ho yona ho tla balehela mang kapa mang ya ka bolayang motho e se ka morero, hore a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, ho fihlela mmolai a emiswa kapele ho phutheho.

Currently Selected:

JOSHUA 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy